Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 3:29 - BIBELE

29 Ya nang le monyaduwa ke monyadi, empa motswalle wa monyadi, ya emeng pela hae, mme a mo utlwa, o ye a thabe haholo ka baka la lentswe la monyadi. Ha ho le jwalo, thabo ena ya ka e phethahetse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Ya nang le monyaduwa ke monyadi; empa motswalle wa monyadi ya emeng teng le ho mo utlwa, o ye a thabe ka thabo e kgolo, ha a utlwa lentswe la monyadi. Thabo ya ka, e leng e jwalo, e phethehile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

29 Ya nang le monyaduwa ke monyadi; empa motswalle wa monyadi, ha a ema, a mo utlwa, o thaba haholo ka baka la lentswe la monyadi;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 Ya nang le monyaduwa ke monyadi; empa motswalle wa monyadi, ha a ema, a mo utlwa, o thaba haholo ka baka la lentswe la monyadi;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 3:29
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tswang ka matlung, lona baradi ba Sione, tswang le bone kgosi Solomone o rwetse moqhaka, moqhaka a o rwesitswe ke mmae mohla lenyalo, mohla thabo e kgaphatsehang pelong ya Solomone.


Ke tlile rapeng sa ka, wena kgaitsedi, monyaduwa wa ka, ke ikgeletse mmira, mmoho le dinoko tsa ka; ke jele mahe a dinotshi, mmoho le kgekge ya wona, ke nwele veine ya ka le lona lebese la ka. Jang, le nwe, lona metswalle, le nwe haholo, lona baratuwa!


Mmopi wa hao ke yena monna wa hao, Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae; Ya Halalelang wa Iseraele ke yena Molopolli wa hao, o bitswa Modimo wa lefatshe lohle.


Matsweleng a yona le tla anya le kgotsofale, le tshedisehe, le mokonye haholo, le thabele ho sisa ha yona.”


“Tsamaya o yo howeletsa hore baahi ba Jerusalema ba utlwe, o re Morena o bua tjena: “ ‘Ke hopola ho nkgomarela ha hao botjheng ba hao, kamoo o nthatileng kateng o sa le monyaduwa, wa ntshala morao lehwatateng, naheng eo ho sa jalwang, ho sa jalwang letho ho yona.


“ ‘Hamorao ha ke feta pela hao hape, ke o tadima, ka bona hore o se o hodile hoo o lokelang ho ferehwa. Yaba ke o apesa seaparo sa ka ho pata bofeela ba hao. Ka o hlapanyetsa, ka etsa selekane le wena, mme wa ba wa ka, ho rialo Morena Modimo.


Ke tla o nyala o be wa ka kamehla, ke o nyale ka toka le ka ho loka, ka lerato le ka kutlwelobohloko.


“Mmuso wa lehodimo o jwaloka kgosi e neng e etseditse mora wa yona mokete wa lenyalo.


“Mohlang oo Mmuso wa mahodimo o tla tshwana le barwetsana ba leshome, ba ileng ba nka mabone a bona, yaba ba tswa ho ya kgahlanyetsa monyadi.


Jesu a ba araba, a re: “Na baetsana ba ye ba hlomohe ka nako eo monyadi a ntseng a ena le bona? Ho tla tla matsatsi ao ka wona monyadi a tla tloswa ho bona, e be hona ba itimang dijo.


mme ha a fihla hae a bitse metswalle ya hae le ba ahisaneng le yena, a re ho bona: ‘Thabang le nna, hobane ke fumane nku ya ka e neng e lahlehile!’


“Ke buile ditaba tsena ho lona hore thabo ya ka e be ka ho lona, mme thabo ya lona e be e phethehileng.


Ho fihlela jwale ha le eso kope letho ka lebitso la ka; kopang, mme le tla fuwa, hore thabo ya lona e be e phethehileng.”


“Jwale ke tla ho wena. Ke bua tsena ke sa ntse ke le lefatsheng, hore ba be le thabo ya ka e phethehileng ka ho bona.


Eka kgona yena a hole, empa nna ke nyenyefale.”


Ke le boulela jwalokaha Modimo a le boulela, hobane ke le kgethetse ho nyalwa ke monna a le mong, e leng Kreste, hore ke tle ke le ise ho yena, le le jwaloka morwetsana ya hlwekileng.


le ke le nthabise haholo, ka ho ba pelonngwe, ka ho ba le lerato le tshwanang, le ka ho ba moyamong, le maikutlo a le mang.


Re le ngolla tsena hore le tle le thabe, mme thabo ya lona e be e tletseng.


Ke sa na le tse ngata, tseo nka le bolellang tsona, empa ha ke rate ho di ngola; feela ke tshepa hore ke tla le etela, ke tle ke bue le lona re shebane, e le hore thabo ya rona e tle e be e tletseng.


Jwale le leng la mangeloi a supileng a nkileng mafiswana a supileng, a tletseng dikotlo tse supileng tsa qetello, la tla, la bua le nna, la re: “Tloo, ke o bontshe monyaduwa, mohatsa Konyana.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ