Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 3:27 - BIBELE

27 Johanne a araba, a re: “Motho a ke ke a amohela letho haese ha a le newa le etswa lehodimong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Johanne a araba, a re: Motho o sitwa ho nka letho, ha a sa le newe ke lehodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

27 Johanne a araba, a re: “Motho a ke ke a amohela letho, ha a sa le fuwe ho tswa lehodimong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Johanne a araba, a re: “Motho a ke ke a amohela letho, ha a sa le fuwe ho tswa lehodimong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 3:27
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ke o tsebile ke eso o bope ka popelong ya mmao, ka ba ka o halaletsa o eso tswalwe, ka o kgethela ho ba moporofeta wa ditjhaba.”


Nna ha ke a kgaotsa ho ba modisa ya o salang morao, ha ke eso labalabele tsatsi la ditsietsi, polelo tsa ka le wena o a di tseba.


Jwale Morena a mpitsa ke ntse ke alositse, a re ho nna: ‘Eya, o yo porofetela setjhaba sa ka sa Iseraele.’


Monna eo ke tla kgetha molamu wa hae, molamu oo wa hae o tla fuputsa, o etse dithunthung. Kahoo ke tla fedisa ho korotla ha bana ba Iseraele, e le hore ba se ke ba o lwantsha.”


Kolobetso ya Johanne e ne e etswa kae: Lehodimong kapa bathong?” Ba buisana ba le bang, ba re: “Ha re ka re, e ne e etswa lehodimong, o tla re ho rona, na ke ka baka lang re sa kang ra mo dumela.


A nea e mong tjhelete e ditalenta di hlano, e mong e ditalenta di pedi, e mong yena e le nngwe, e mong le e mong ho ya ka matla a hae, a nto tsamaya. Hanghang


Ho jwalokaha motho a eta, a siya ntlo ya hae, a nea bahlanka ba hae matla, e mong le e mong mosebetsi wa hae, a ba a laela molebedi wa monyako ho lebela.


Yaba ba bangata ba tla ho yena, ba re: “Johanne ha a a ka a etsa mohlolo leha o le mong, empa tsohle tseo Johanne a di boletseng ka monna enwa e ne e le nnete.”


A re: “Ka baka leo, ke le boleletse hore ha ho ya ka tlang ho nna ha a sa ho newa ke Ntate.”


Ke ka yena re amohetseng neo ya boapostola, e le hore re ise ditjhaba tsohle mamelong e tswang tumelong, ka baka la hae.


Jwale re na le dineo tse fapaneng, ho ya ka mohau oo re o neilweng. Ya neilweng ho porofeta, a porofete ka ho ya ka tumelo;


Nna Paulosi, ya bitseditsweng ho ba moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, le Sosethenese, ngwanabo rona,


Tsena tsohle di etswa ke wona Moya oo o le mong feela, mme o abela e mong le e mong kamoo o ratang kateng.


Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona, mme mohau wa Modimo ho nna ha o a ka wa fetoha lefeela. Ke sebeditse ho feta baapostola bohle, le hoja e se ka bonna, e le ka mohau wa Modimo o ho nna.


Hantlentle Apolosi ke eng? Paulose yena ke eng? Ke basebeletsi feela bao le dumetseng ka baka la bona, ba sebeditseng ho ya kamoo Morena a abetseng e mong le e mong wa bona kateng.


Ana wena ke mang ya o nkelang hodimo? Ke eng eo o nang le yona, eo o sa e fuwang ke Modimo? Jwale haeba o e filwe, o ithorisetsang jwalokaha e ka ha o a e fuwa?


Nna Paulosi, maopostola ya sa rongwang ke batho, kapa ke motho, empa ya romilweng ke Jesu Kreste le Modimo Ntate ya mo tsositseng bafung,


Nna Paulosi, moapostola wa Kreste Jesu ka thato ya Modimo, ke dumedisa badumedi ba leng Efese, ba tshepahalang ho Kreste Jesu, ke re:


Ke ka baka lena ke kgethetsweng ho ba sebohodi le moapostola, le moruti wa baditjhaba ya rutang tumelo le nnete; ke bua nnete, e seng leshano.


Neo e nngwe le e nngwe e molemo, le mpho e nngwe le e nngwe e phethehileng, di tswa hodimo, di theoha ho Ramasedi, eo ho yena ho seng phetoho leha e le phifalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ