Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 3:13 - BIBELE

13 Ha ho ya kileng a nyolohela lehodimong, haese ya theohileng lehodimong, e leng Mora Motho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ha ho ya kileng a nyolohela lehodimong, haese ya theohileng lehodimong, e leng Mora motho, ya leng lehodimong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

13 Ha ho motho ya kileng a nyolohela lehodimong, haese ya theohileng lehodimong, e leng Mora motho ya leng mahodimong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Ha ho motho ya kileng a nyolohela lehodimong, haese ya theohileng lehodimong, e leng Mora motho ya leng mahodimong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 3:13
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya nyolohetseng lehodimong a ba a theoha ke mang? Ya fupereng moya ka diatla tsa hae ke mang? Ya bokeletseng metsi ka aparong sa hae ke mang? Ya sehileng meedi ya dipheletso tsa lefatse ke mang? Lebitso la hae ke mang? La mora wa hae lona ke mang? Haeba o a tseba, bolela!


le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.”


Jesu a re ho sona: “Diphokojwe di na le mesima, dinonyana tse fofang di na le dihlaha, empa Mora Motho ha a na moo a ka samelang hlooho teng.”


Ha ho ya kileng a bona Modimo le ka mohla; Mora ya tswetsweng a nnotshi, eo e leng Modimo, ya leng sefubeng sa Ntate, ke yena ya re tsebisitseng Modimo.


Jesu, ka ho tseba hore Ntatae o mo neile tsohle matsohong, le hore o tswa ho Modimo, mme o ya ho Modimo,


Jwale, wena Ntate, ntlotlise kapele ho wena ka tlotla eo ke bileng le yona ho wena, lefatshe le eso be teng.


Haeba le sa dumele ha ke le bolella tsa lefatshe, le tla dumela jwang ha ke le bolella tsa lehodimo na?


“Ya tswang hodimo o kahodimo ho bohle; ya tswang lefatsheng ke wa lefatshe, mme o bua tsa lefatshe. Ya tswang lehodimong o kahodimo ho bohle;


hobane bohobe ba Modimo ke ya theohang lehodimong, ya fang lefatshe bophelo.”


hobane ke theohile lehodimong, e seng ho tla etsa thato ya ka, empa ho tla etsa thato ya ya nthomileng.


mme ba re: “Na Jesu eo hase mora Josefa, eo re tsebang ntatae le mmae? Jwale o bolela jwang, ha a re: ‘Ke theohile lehodimong’?”


E seng hore motho o teng ya boneng Ntate, haese ya tswang ho Modimo; yena o bone Ntate.


Ke nna bohobe bo phelang, bo theohileng lehodimong; ha motho a ka ja bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng, mme bohobe boo ke tla fana ka bona ka baka la bophelo ba lefatshe, ke nama ya ka.”


Jwale ho tla ba jwang ha le bona Mora Motho a nyolohela moo a neng a le teng pele?


Jesu a re ho bona: “Ha Modimo e ne e le Ntata lona, le ka be le nthata, hobane ke tlile ke etswa ho Modimo; ha ke a tla ka bonna, empa ke yena ya nthomileng.


Davida ka boyena ha a a ka a nyolohela lehodimong, empa o re: “ ‘Morena o itse ho Morena wa ka: Dula ka letsohong la ka le letona,


Itlhokomeleng, le hlokomele le mohlape wohle, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, hore le alose kereke ya Modimo, eo a iphumanetseng yona ka madi a Mora wa hae.


Empa ha ho buuwa ka ho loka ho tswang tumelong, ho thwe: “O se ke wa re ka pelong ya hao: ‘Ke mang ya tla nyolohela lehodimong?’ ” hore a yo theola Kreste teng.


Motho wa pele o tswa mobung, ke wa lefatshe; motho wa bobedi yena o tswa lehodimong.


eo e leng mmele wa hae, o phediswang ke yena ka ho tlala, yena ya phediswang ke Modimo ka ho tlala.


Ha o lehodimong, hoo le ka reng: ‘Ke mang ya tla re ela lehodimong, a re tlisetse wona, mme a re rute wona, re tle re o phethe?’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ