Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 21:22 - BIBELE

22 Jesu a re ho yena: “Ha ke rata hore a phele ho fihlela ke kgutla, o tshwenngwa keng? Wena, ntatele!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Jesu a re ho yena: Ekare ha ke rata hore a dule ke be ke tle, e ka ba eng ho wena? Wena, ntatele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

22 Jesu a re ho yena: Ha ke rata hore a dule ke be ke tle, e ka ba eng ho wena? ntatele wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Jesu a re ho yena: Ha ke rata hore a dule ke be ke tle, e ka ba eng ho wena? ntatele wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 21:22
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: “Haeba mang kapa mang a rata ho ntatela, a itele, a inkele sefapano, a ntatele.


hobane jwalokaha lehadima le tsekema ho tloha botjhabela le be le yo fihla bophirimela, le ho tla ha Mora Motho ho tla ba jwalo.


Yare ha a ntse a dutse Thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba hae ba tla ho yena boinotshing, ba re: “Ako re bolelle: Dintho tsee di tla etsahala neng? Pontsho e tla ba efe ya ho tla ha hao le ya ho fela ha mehla ya kajeno?”


Ka baka leo, le lona itokiseng, hobane Mora Motho o tla tla ka nako eo le sa e lebellang.”


“Mohla Mora Motho a tlang ka tlotla ya hae, a ena le mangeloi wohle, o tla dula teroneng ya hae ya botlotlehi.


Jesu a re ho yena: “Ntatele, lesa bafu ba pate bafu ba bona.”


Jesu a re ho bona: “Kannete ke a le bolella, ho na le ba bang hara ba emeng mona ba ke keng ba tseba lefu, ho fihlela ba bona Mmuso wa Modimo o etla ka matla.”


O ne a bolela hona ho supa hore na o tla tlotlisa Modimo ka lefu le jwang. Hoba a rialo, a re ho yena: “Ntatele!”


Petrose ha a bona eo, a re ho Jesu: “Morena, eo o tla fella kae?”


Kamehla ha le eja bohobe bona, mme le nwela senwelong sena, le phatlalatsa lefu la Morena ho fihlela a kgutla.


Ka baka leo, le se ke la ahlola e eso be nako, Morena a eso kgutle, e leng yena ya tla senola tse lefifing, a pepese merero ya dipelo tsa batho. Ke moo e mong le e mong a tla fumana thoriso e mo lokelang ho Modimo.


Ana ha re ema kapele ho Morena wa rona Jesu, mohla a tlang, tshepo ya rona, thabo ya rona, moqhaka oo re leng motlotlo ka wona, e tla ba ofe, haese lona?


Bana beso, mamellang ho fihlela Morena a kgutla. Bonang kamoo molemi a emelang ho fumana kotulo e ntle tshimong ya hae kateng. O lebella ka mamello ho fihlela ho ena pula ya selemo le ya hwetla.


Le lona le mamelle, le tiye dipelo, hobane ho kgutla ha Morena ho haufi.


Ke eo a etla a le hara maru, mme mahlo a bohle a tla mmona, esita le bona ba mo hlabileng, mme meloko yohle ya lefatshe e tla mo llela. E! A ho be jwalo!


Feela le kgomarele ho seo le nang le sona, ho fihlela ke etla.


Ya pakang tsena o re: “E, ke tla tla kapele.” A ho be jwalo! Tloo, Morena Jesu.


“Bona, ke tla tla kapele. Ho lehlohonolo ya bolokang mantswe a boporofeta a bukeng ena.”


“Ke tla tla kapele. Kgomarela ho seo o nang le sona, e le hore ho tle ho se ba ye ka o amohang mofapahlooho wa hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ