Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 21:17 - BIBELE

17 A re ho yena kgetlo la boraro: “Simone, mora Johanne, na o a nthata na?” Petrose a swaba hobane a itse ho yena kgetlo la boraro: “Na o a nthata na,” mme a re ho yena: “Morena, o tseba tsohle, o a tseba hore ke a o rata.” Jesu a re ho yena: “Alosa dinku tsa ka!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 A ba a re ho yena la boraro: Simone, mora Jona, a o a nthata na? Petrose a swaba ke hobane a bile a mmotsa la boraro, a re: A o a nthata na? A re ho yena: Morena, o tseba tsohle; o tseba hoba ke a o rata. Jesu a re ho yena: Alosa dinku tsa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 A re ho yena la boraro: Simone, mora Jona, a o a nthata na? Petrose a swaba ke ha a itse ho yena la boraro, a re: O a nthata na? A re ho yena: Morena, o tseba tsohle; o a tseba hobane ke a o rata. Jesu a re ho yena: Fepa dinku tsa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 A re ho yena la boraro: Simone, mora Jona, a o a nthata na? Petrose a swaba ke ha a itse ho yena la boraro, a re: O a nthata na? A re ho yena: Morena, o tseba tsohle; o a tseba hobane ke a o rata. Jesu a re ho yena: Fepa dinku tsa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 21:17
40 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ekaba Davida a ka hlola a sa reng ho wena? Ke wena ya tsebang mohlanka wa hao, oho, Morena Modimo!


Mosadi eo a re ho Elia: “Ekaba o ntsekisang, motho wa Modimo? Na o tletse hore sebe sa ka se hopolwe, mme moshanyana wa ka a shwe?”


“Ekaba Davida a ka hlola a reng ho wena, ha o hlomphile mohlanka wa hao? Ke wena ya tsebang mohlanka wa hao!


Hape ke a tseba, Modimo wa ka, hore o leka pelo ya motho, mme o thabela ho loka. Ha e le nna ke o nyeheletse ka dintho tsena tsohle ka boithaopo, ka pelo ya ka yohle. Jwale ke thabetse le ho bona setjhaba sa hao, se teng mona, se o nyehella ka boithaopo.


O hlahlobile pelo ya ka, wa ntlhwela le bosiu, wa nnonya, empa ha wa fumana letho le kgopo; ha ke a bua tse mpe jwaloka ba bang.


“Ke nna Morena ya lekolang dipelo, mohopolo le wona o lekolwa ke nna. Ke putsa motho ho ya ka diketso tsa hae, ho latela tholwana tsa mesebetsi ya hae.”


Hase hore ho hlokofatsa batho o a ho thabela, kapa hona ho ba tlisetsa maswabi.


“Kgosi e tla ba araba, e re: ‘Ruri ke a le bolella, seo le se etseditseng e mong wa bao ba banyenyane ho bana beso, le se etseditse nna.’


Hanghang mokoko wa lla kgetlo la bobedi. Petrose a hopola polelo eo Jesu a neng a mmoleletse yona, e reng: “Mokoko o eso lle habedi, o tla be o ntatotse hararo.” A lla habohloko.


hobane mafutsana le na le wona kamehla, empa nna le ke ke la ba le nna kamehla.”


Jesu a araba, a re: “Na o tla ntella bophelo ba hao na? Kannetenete, ke a o bolella: Mokoko o eso lle, o tla be o se o ntatotse hararo.”


“Haeba le a nthata, le tla boloka ditaelo tsa ka.


Ha le boloka ditaelo tsa ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha ke bolokile ditaelo tsa Ntate, mme ke dula leratong la hae.


Jwale re a tseba hore o tseba tsohle, mme ha ho hlokahale hore mang kapa mang a o botse; ka hona re dumela hore o tswa ho Modimo.”


Petrose a boela a latola, mme hanghang mokoko wa lla.


Jesu, ka ho tseba tsohle tse mo tlelang, a ya ho bona, mme a re: “Le batla mang?”


Kannetenete, ke a o bolella, ha o ne o sa le motjha o ne o ikapesa, o tsamaya moo o ratang teng, empa ha o se o tsofetse, o tla otlolla matsoho a hao, mme e mong o tla o apesa, a o ise moo o sa rateng teng.”


Jesu a re ho yena: “Eya, o bitse monna wa hao, le tle kwano.”


Ba rapela, ba re: “Wena Morena, o tsebang dipelo tsa bohle, ako supe hore na ho ba babedi bana o kgethile ofe,


Hona ha etsahala ka makgetlo a mararo, yaba tsohle di nkelwa hape lehodimong.


Modimo ya tsebang dipelo tsa batho o ile a ba ananela ka ho ba nea Moya o Halalelang jwaloka rona.


Seo re ithorisang ka sona ke sena: Letswalo la rona le re pakela hore mona lefatsheng re ile ra phedisana le batho, haholo le lona, re se na mano, re ena le nnete ya Modimo; e seng ka bohlale ba botho, empa ka mohau wa Modimo.


Le se ke la swabisa Moya o Halalelang wa Modimo, oo ka wona le tshwaetsweng letsatsi la topollo.


“Morena Modimo wa medimo! Morena Modimo wa medimo! Modimo o a tseba, le lona Baiseraele le tsebe! Haeba hona ke bofetohedi kapa bohlabaphiyo, re timetswe hona kajeno!


Le nyakaletse ke hona, leha hajwale le sa tshwanetse ho hlomoha ka nakwana, ka baka la ho lekwa ka mekgwa e mengata.


Baratuwa, lengolo lena leo ke le ngollang lona jwale, e se e le la bobedi. Ho wona a mabedi ke ne ke tsosa maikutlo a lona a hlwekileng ka ho le hopotsa.


Ke tla bolaya bana ba hae; dikereke tsohle di tla tseba hore ke nna ya bonang se ka mehopolong le ka dipelong tsa batho, mme ke putsa e mong le e mong wa lona ho ya ka mesebetsi ya hae.


“Bohle bao ke ba ratang ke a ba kgalemela, mme ke a ba otla. Tjheseha he, mme o bake.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ