Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 20:31 - BIBELE

31 Empa tsena di ngotswe hore le tle le dumele hore Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo, le hore ka ho dumela le tle le be le bophelo ka lebitso la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Empa eo e ngodilwe hore le tle le dumele hobane Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo, le hore, ka ho dumela, le be le bophelo ka lebitso la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

31 Empa tsena di ngotswe hore le tle le dumele hore Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo; le hore ka ho dumela le be le bophelo ka lebitso la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

31 Empa tsena di ngotswe hore le tle le dumele hore Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo; le hore ka ho dumela le be le bophelo ka lebitso la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 20:31
36 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho seng jwalo o tla halefa, mme le timelle tseleng ya lona, hobane kgalefo ya hae e phakisa ho tuka. Ho lehlohonolo bohle ba tshabelang ho yena.


Yona e re: “A nke ke phatlalatse taelo ya Morena. “O itse ho nna: ‘O mora wa ka; kajeno ke o tswetse.


Simone Petrose a araba, a re: “O Kreste, Mora wa Modimo ya phelang.”


Yare ha molaodi wa ba lekgolo le ba lebetseng Jesu le yena ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse etsahalang, ba tshoha haholo, ba re: “Kannete enwa e ne e le Mora wa Modimo.”


Moleki a mo atamela, a re: “Haeba o Mora wa Modimo, ere majwe ana a fetohe bohobe!”


Ya tla dumela, a be a kolobetswe, o tla pholoswa; athe ya sa tlo dumela o tla tsuwa.


Lengeloi la mo araba, la re: “Moya o Halalelang o tla theohela ho wena, matla a Ya Hodimodimo a be hodima hao; ka baka leo, eo o tla mo tswala o tla bitswa ya Halalelang, Mora wa Modimo.


hore o tsebe bonnete ba ditaba tseo o di rutilweng.


le hore ka lebitso la hae, ditjhaba tsohle di phatlalletswe pako le tshwarelo ya dibe, ho qala Jerusalema.


Nathanaele a mo araba, a re: “Rabbi, o Mora wa Modimo, o Kgosi ya Iseraele.”


Leshodu le tlela feela ho utswa, le ho bolaya, le ho timetsa; nna ke tlile hore di be le bophelo, mme di be le bophelo ka ho tlala.


Ya boneng o pakile, mme bopaki ba hae ke ba nnete, mme yena eo o tseba hore o bolela nnete, hore le lona le dumele.


Thomase a araba, a re ho yena: “Morena wa ka le Modimo wa ka!”


Ya dumelang ho yena ha a ahlolwe; athe ya sa dumeleng o se a ahlotswe, kahobane a sa dumele ho Mora wa Modimo ya tswetsweng a inotshi.


Ya dumelang ho Mora o na le bophelo bo sa feleng, empa ya sa mameleng Mora a ke ke a bona bophelo, mme kgalefo ya Modimo e tla ba hodima hae kamehla.”


“Kannetenete, ke a le bolella hore ya utlwang lentswe la ka, a dumela ho ya nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng. Ha a ahlolwe, empa o tswile lefung, a kena bophelong.


Thato ya Ntate ke hore e mong le e mong ya bonang Mora, a dumela ho yena, a be le bophelo bo sa feleng, mme ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.”


Baporofeta bohle ba a mo paka, ba re e mong le e mong ya dumelang ho yena o tla amohela tshwarelo ya dibe ka lebitso la hae.”


Ka ho dumela lebitsong la Jesu, lebitso leo le matlafaditse monna enwa, eo le mmonang, le mo tsebang, mme tumelo e tswang ho Jesu ya mo fodisa pontsheng ya lona bohle.


Ha ba ntse ba tsamaya tseleng, ba fihla moo metsi a leng teng, mme lehaole la re: “Metsi ke ana! Nka thibelwa keng hore ke kolobetswe?”


Filipi a re: “Haeba o dumela ka pelo ya hao yohle, hoo ho ka etswa.” La araba, la re: “Ke a dumela hore Jesu Kreste ke Mora wa Modimo.”


mme kapelepele a phatlalatsa matlung a thapelo hore Jesu ke Mora wa Modimo.


hobane le tla amohela moputso wa tumelo ya lona, e leng pholoho ya lona.


Mang le mang ya pakang hore Jesu Kreste ke Mora wa Modimo, Modimo o phela ka ho yena, le yena o phela ka ho Modimo.


Mang le mang ya dumelang hore Jesu ke Kreste o tswetswe ke Modimo, mme mang le mang ya ratang motswadi, o rata le tswala ya hae.


Hape re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe Modimo wa nnete. Re phela ka ho Modimo wa nnete, ka ho Mora wa hae, Jesu Kreste. Yena ke Modimo wa nnete, ke bophelo bo sa feleng.


Mang le mang ya kgelohang, ya sa kgomareleng thutong ya Kreste, Modimo ha a yo ka ho yena, empa ya kgomarelang thutong ya Kreste, ke yena eo Ntate le Mora ba leng ka ho yena.


“Ngolla moruti wa kereke e Thiatira, o re: “Tsena di bolelwa ke Mora wa Modimo, eo mahlo a hae a kang malakabe a mollo, le maoto a hae a benyang jwaloka lethose,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ