Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 20:26 - BIBELE

26 Kamora matsatsi a robedi, barutuwa ba hae ba ne ba le ka tlung hape, Thomase a ena le bona. Jesu a kena, menyako e ntse e notletswe, a ema hare, a re: “Kgotso e be le lona!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Eitse ha ditshiu tse robileng meno e le mmedi di fetile, barutuwa ba hae ba ne ba boetse ba le tlung, le Thomase a ena le bona. Yaba Jesu o a hlaha, menyako e ntse e kwetswe, a ema hara bona, a re: Kgotso e be le lona!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

26 Eitse hobane ho fete matsatsi a robileng meno e le mmedi, barutuwa ba hae ba le teng, le Thomase a ena le bona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Eitse hobane ho fete matsatsi a robileng meno e le mmedi, barutuwa ba hae ba le teng, le Thomase a ena le bona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 20:26
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena, o re theela kgotso, hoba mesebetsi yohle ya rona e phethilwe ke wena.


Ho seng jwalo, a ba ke ba tle ho nna, nna ke be setshabelo sa bona, ba tle ho nna ke etse kgotso le bona. E, ba tle ho nna ke etse kgotso le bona.”


Leha dithaba di ka sisinngwa le maralla a suthiswa, lerato la ka le matla ho wena le ke ke la sisinyeha, kapa selekane sa ka sa kgotso sa fediswa,” ho rialo Morena, yena ya o utlwelang bohloko.


Kamora matsatsi a tsheletseng, Jesu a nka bo-Petrose, Jakobo le Johanne ngwanabo, a nyolohela le bona thabeng e telele, boinotshing.


Hamorao a iponahatsa ho ba leshome le motso o mong, ha ba le dijong. A ba kgalemella ho se dumele ha bona le bothata ba dipelo tsa bona, hobane ha ba a ka ba dumela ba mmoneng a tsohile.


Yare ba sa bua jwalo, Jesu a ema hara bona, a re ho bona: “Kgotso e be le lona!”


Kamora dipolelo tsena, ha ho fetile matsatsi a ka bang robedi, Jesu a nka Petrose, le Johanne, le Jakobo, a nyolohela thabeng ho ya rapela.


Jwale Thomase, ya bitswang Lefahla, a re ho barutuwa ba bang: “Le rona a re yeng, re tle re shwe le yena.”


Ke le siela kgotso, ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fanang kateng. Pelo tsa lona di se ferekane, leha e le ho ba boi.


Mantsiboyeng a letsatsi leo le qalang beke, ha menyako ya moo barutuwa ba neng ba le teng e notletswe ka baka la ho tshaba Bajuda, Jesu a tla, a ema hara bona, a re ho bona: “Kgotso e be le lona!”


Jesu a re ho bona hape: “Kgotso e be le lona; jwalokaha Ntate a nthomile, le nna ke a le roma.”


Kamora ditaba tsena Jesu a iponahatsa hape ho barutuwa a le lebopong la letsha la Tiberiase. A iponahatsa ka mokgwa ona:


E ne e se e le kgetlo la boraro Jesu a iponahatsa ho barutuwa, hoba a tsohe bafung.


Kamora tlhokofatso ya hae, o ile a iponahatsa ho bona a phela, ka bopaki bo bongata, ba nnete; ba mmona ka matsatsi a mashome a mane, a ntse a bua ka tsa Mmuso wa Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ