Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 20:25 - BIBELE

25 Barutuwa ba bang ba re ho yena: “Re bone Morena.” Empa a re ho bona: “Ha ke sa bone maqeba a dithakgisa matsohong a hae, ka kenya monwana wa ka masobeng a dithakgisa, mme ka kenya letsoho la ka lehlakoreng la hae, ha nka ke ka dumela.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Barutuwa ba bang ba re ho yena: Re bone Morena. A mpa a re ho bona: Ekare ha ke sa bone maqeba a dithakgisa matsohong a hae, ka kenya monwana wa ka maqebeng a dithakgisa, ka kenya le letsoho la ka lehlakoreng la hae, nke ke ka dumela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

25 Barutuwa ba bang ba re ho yena: Re bone Morena. Empa a re ho bona: Ekare ha ke sa bone leqeba la lipekere matsohong a hae, ka kenya monoana leqebeng la lipekere, ka kenya letsoho la ka lehlakoreng la hae, nke ke ka lumela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Barutuwa ba bang ba re ho yena: Re bone Morena. Empa a re ho bona: Ekare ha ke sa bone leqeba la lipekere matsohong a hae, ka kenya monoana leqebeng la lipekere, ka kenya letsoho la ka lehlakoreng la hae, nke ke ka lumela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 20:25
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha nka mo isa kgotla, yaba o a tla, ha ke dumele a ka ntshekehela tsebe.


mmetso wa ka o omeletse jwaloka lengetana, leleme la ka le kgomaretse mahalapeng a ka. O nthobaditse leroleng la lefu.


Leha ho le jwalo, ba nnile ba mo sitelwa, ba se ke ba dumela dimakatso tsa hae.


“O pholositse ba bang, empa yena o sitwa ho ipholosa; ke kgosi ya Iseraele, ha a ke a theohe sefapanong jwale, mme re tla dumela ho yena.


Empa ha ba utlwa hore o a phela, mme o bonwe ke Maria, ba se ke ba dumela.


Bao ba ya bolella ba bang, empa le bona ba se ke ba ba ba ba dumela.


Hamorao a iponahatsa ho ba leshome le motso o mong, ha ba le dijong. A ba kgalemella ho se dumele ha bona le bothata ba dipelo tsa bona, hobane ha ba a ka ba dumela ba mmoneng a tsohile.


A re ho bona: “Jo, dithoto tse pelo di diehang ho dumela tsohle tseo baporofeta ba ileng ba di bolela!


Andrease a qala ka ho batla ngwanabo, Simone, a re ho yena: “Re fumane Mesia,” ke ho re: Kreste.


Yaba o re ho Thomase: “Tlisa monwana wa hao mona, o bone matsoho a ka; o tlise le letsoho la hao, o le kenye lehlakoreng la ka, mme o se ke wa hloka tumelo, o mpe o be le tumelo.”


Jwale morutuwa eo Jesu a mo ratang a re ho Petrose: “Ke Morena!” Simone Petrose, ha a utlwa hore ke Morena, a apara, hobane o ne a hlobotse, mme a itihela letsheng.


Jwale ba re ho yena: “O etsa mohlolo ofe, hore re bone, mme re dumele ho wena? O sebetsa eng?


Bana beso, hlokomelang, esere mohlomong e mong wa lona a ba le pelo e mpe, e hanang ho dumela, e mo arohanyang le Modimo ya phelang.


Ke bafe bao a ileng a ba hlapanyetsa hore ba ke ke ba kena phomolong ya hae le ka mohla, haese batho bao ba neng ba hana ho mamela?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ