Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 20:22 - BIBELE

22 Hoba a rialo, a budulela moya ho bona, a re: “Amohelang Moya o Halalelang!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Eitse hobane a bue jwalo, a budulela ho bona, a re: Amohelang Moya o Halalelang!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

22 Hoba a rialo, a budulela ho bona, a re ho bona: Amohelang Moya o Halalelang!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Hoba a rialo, a budulela ho bona, a re ho bona: Amohelang Moya o Halalelang!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 20:22
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena Modimo a bopa motho ka lerole le tswang mobung; ka dinkong tsa hae a budulela moya wa bophelo, mme motho ya eba sebopuwa se phelang.


Nna ke entswe ke moya wa Modimo, mophefumoloho wa Ya Matla wohle o etsa hore ke phele.


Mahodimo a entswe ka lentswe la Morena, le mabotho wohle a wona ka polelo ya molomo wa hae.


Yaba Morena o re ho nna: “Porofetela moya; porofeta, wena ngwana motho, o re ho wona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Wena moya, foka o etswa qoleng tse nne tsa lefatshe, o phefumolohele ditopo tsena, di tle di phele.’ ”


Ke tla kopa Ntate, mme o tla le nea Mothusi e mong, hore a be le lona ka ho sa feleng,


“Ha Mothusi eo ke tla mo romela ho lona a tlile a etswa ho Ntate, Moya wa nnete o tswang ho Ntate, o tla mpaka,


Empa ke le bolella nnete: Ho molemo ho lona hore ke ye, hobane ha ke sa ye, Mothusi a ke ke a tla ho lona; athe ha ke eya, ke tla mo romela ho lona.


Jesu a re ho bona hape: “Kgotso e be le lona; jwalokaha Ntate a nthomile, le nna ke a le roma.”


Bao le ba tshwarelang dibe, ba di tshwaretswe; bao le ba ballang tsona, ba di baletswe.”


A bolela hona a lekanya Moya oo ba dumetseng ho yena ba neng ba se ba tla o amohela; kaha Moya o ne o eso be teng, hobane Jesu a ne a eso tlotliswe.


“Na ho ka ba teng ya ka thibelang hore batho baa, ba amohetseng Moya o Halalelang jwaloka rona, ba kolobetswe ka metsi na?”


A re ho bona: “Na le ne le amohele Moya o Halalelang mohla le dumelang na?” Ba araba, ba re: “Ha re eso ka re utlwa hore ho na le Moya o Halalelang.”


Petrose a re ho bona: “Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste, le tle le tshwarelwe dibe tsa lona, mme le tla amohela mpho ya Moya o Halalelang.


Bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo disele, kamoo Moya o neng o ba buisa kateng.


Jwale Petrose, a tletse Moya o Halalelang, a ba araba, a re: “Babusi ba setjhaba le baholo,


Bona ha ba fihla, ba rapella Basamaria hore ba amohele Moya o Halalelang,


A le ke le mpolelleng taba ena e le nngwe feela: Na le amohetse Moya wa Modimo ka ho phetha Molao, kapa ka ho dumela molaetsa oo le o utlwileng?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ