12 Yaba o bona mangeloi a mabedi a apereng diaparo tse tshweu a dutse, le leng ka hloohong, le leng ka maotong, moo setopo sa Jesu se neng se beilwe teng.
12 Yaba o bona mangeloi a mabedi a apereng bosweu, a dutse, le leng le le hloohong, le leng le le maotong, moo setopo sa Jesu se neng se robaditswe teng.
Balevi bohle, bao e neng e le dibini, e leng bo-Asafo, le Hemane, le Jedutune, le bara ba bona, le bana babo bona, ba ne ba eme ka botjhabela ho aletare, ba apere diaparo tsa lene tse tshweu, ba letsa matlheretlhere, le dikatara, le diharepa. Ba ne ba tlatsitswe ke baprista ba lekgolo le mashome a mabedi, ba neng ba letsa diterompeta.
“Ha ke ntse ke tadimile: Ka bona diterone di bewa madulong, Moholo wa Matsatsi a dula hodima ya hae. Aparo tsa hae di ne di le tshweu sa lehlwa, moriri wa hae o re bja! jwaloka boya, terone ya hae e ne tuka malakabe, mabidi a yona a ka mollo o tukang.
“Leha ho le jwalo, o sa na le ba seng bakae Saredeise ba sa kang ba silafatsa diaparo tsa bona. Ba tla mphelehetsa ba apere diaparo tse tshweu, hobane ba lokelwa ke hona.
Ka mo araba, ka re: “Monghadi, ho tseba wena.” A re ho nna: “Ke ba tswang matshwenyehong a maholo. Ba hlatswitse diaparo tsa bona, mme ba di sweufatsa ka madi a Konyana.