Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 20:1 - BIBELE

1 Ka letsatsi le qalang beke, Maria wa Magadala a ya lebitleng kameso, ho sa le lefifi, mme a bona lejwe le tlositswe lebitleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ka tsatsi le qalang veke, Maria Magdalena a ya lebitleng e sa le ka meso, ho sa le lerotho; mme a bona hobane lejwe le tlositswe lebitleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Ka tsatsi la pele la veke, Maria Magdalena a tla lebitleng kameso, ho sa le lefifi, mme a bona lejwe le tlositswe lebitleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Ka tsatsi la pele la veke, Maria Magdalena a tla lebitleng kameso, ho sa le lefifi, mme a bona lejwe le tlositswe lebitleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 20:1
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

hara bona ho ena le Maria wa Magadala, Maria mma Jakobo le Josefa, le mohatsa Sebedea.


a se bea ka lebitleng la hae le letjha leo a neng a le betlile lefikeng, mme hoba a phikolosetse lejwe le leholo monyako wa lebitla, a tloha.


Ka baka leo, ako laele hore lebitla le lebelwe ka thata ho fihlela letsatsi la boraro, esere mohlomong barutuwa ba hae ba tla mo utswa, mme ba re ho setjhaba: ‘O tsohile bafung!’ Leshano lena la morao le tla ba lebe ho feta la pele.”


Ba ya, ba tiisa lejwe la lebitla ka letshwao la bona, ba siya balebedi ho le lebela ka thata.


Ha Sabatha se fetile, ho hlaha mafube a letsatsi le qalang beke, Maria wa Magadala le Maria e mong ba tla ho bona lebitla.


Bonang, tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng, hobane lengeloi la Morena le ne le ile la theoha lehodimong, la fihla, la phikolosa lejwe, mme la dula hodima lona.


Yare hoba a reke lesela, a fanyolla setopo, a nto se phuthela ka lesela leo, a se bea lebitleng le betlilweng lefikeng, a phikolosetsa lejwe monyakong wa lebitla.


Hoba Jesu a tsohe kameso, ka letsatsi le qalang beke, a qala ka ho iponahatsa ho Maria wa Magadala, eo a neng a lelekile bademona ba supileng ho yena.


Jwale Jesu a boela a hlabeha pelong, a ya lebitleng. E ne e le lehaha, mme le ne le kwetswe ka letlapa.


Yaba ba tlosa letlapa, mme Jesu a lelaletsa mahlo hodimo, a re: “Ntate, ke a o leboha ha o nkutlwile.


Haufi le sefapano sa Jesu ho ne ho eme mmae, le ngwanabo mmae, le Maria, mohatsa Keleopase, le Maria wa Magadala.


Kamora matsatsi a robedi, barutuwa ba hae ba ne ba le ka tlung hape, Thomase a ena le bona. Jesu a kena, menyako e ntse e notletswe, a ema hare, a re: “Kgotso e be le lona!”


Yare ka tsatsi le qalang beke, ha re phuthehile ho ngwatha bohobe, Paulosi a buisana le ba phuthehileng. Kaha a ne a ikemiseditse ho tloha ka le hlahlamang, a bua ho fihlela e eba seroko.


Ka tsatsi le qalang beke, e mong le e mong wa lona a bee ho hong kathoko ha hae, ho ya kamoo a sitsitsweng kateng; dikoleke di etswe ke eso fihle.


Ka letsatsi la Morena, ka tlalwa ke Moya wa Modimo, mme kamora ka ka utlwa lentswe le phahameng, le kang modumo wa terompeta,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ