Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 2:4 - BIBELE

4 Jesu a re ho yena: “Mme, hoo ho re ama kang, rona le wena? Nako ya ka ha e eso fihle.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Jesu a re ho yena: Mosadi, taba ya ka le wena ke efe? Nako ya ka ha e eso ho tle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

4 Jesu a re ho yena: “Mosadi, taba ya ka le wena ke efe? nako ya ka ha e eso fihle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Jesu a re ho yena: “Mosadi, taba ya ka le wena ke efe? nako ya ka ha e eso fihle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 2:4
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgosi ya re: “Taba ya ka le lona ke efe, lona bara ba Seruya? Mo tloheleng a nne a hlapaolane, hobane Morena o itse ho yena: ‘Hlapaola Davida!’ Jwale ke mang ya ka reng ho yena: ‘Ke hobaneng ha o etsa tjee?’ ”


Yaba Davida o re: “Ekaba taba ya ka le lona, bara ba Seruya, ke efe, ha e le moo kajeno le se le le dira tsa ka? Ka letsatsi lena ha ho motho ya tla bolawa naheng ena ya Iseraele, hobane kajeno ke a tseba hore ke nna kgosi ya Iseraele.”


Mosadi eo a re ho Elia: “Ekaba o ntsekisang, motho wa Modimo? Na o tletse hore sebe sa ka se hopolwe, mme moshanyana wa ka a shwe?”


Dintho tsohle di beetswe dinako tsa tsona, nako tsa ho etsa tsohle mona lefatsheng:


Jesu ha a utlwa hona, a re: “Mosadi, tumelo ya hao e kaakang! A ho etswe kamoo o lakatsang kateng!” Mme ho tloha nakong yona eo moradi wa hae a fola.


Ba ne ba howa, ba re: “O re kene kang, Mora wa Modimo? Na o tlile kwano ho re hlokofatsa pele ho nako?”


A re ho bona: “Le ne le mpatlelang? Na le ne le sa tsebe hore ke tshwanetse ho ba mosebetsing wa Ntate?”


Jesu a ba araba, a re: “Nako e fihlile ya hore Mora Motho a tlotliswe.


E ne e le pele ho mokete wa Paseka. Jesu o ne a tseba hore nako ya hae ya ho tloha lefatsheng lena, a eya ho Ntatae, e fihlile. O ne a ratile ba hae ba lefatsheng, mme a nna a ba rata ho isa qetellong.


Ha veine e fedile, mma Jesu a re ho yena: “Ha ba na veine.”


A re ho yena: “Mosadi, o llelang?” A re ho wona: “Ba tlositse Morena wa ka, mme ha ke tsebe moo ba mmeileng teng.”


Jesu a re ho yena: “Mosadi, o llelang? O batla mang?” Yena, ka ho hopola hore ke molemi wa serapa, a re ho yena: “Monghadi, haeba ke wena ya mo tlositseng, mpolelle moo o mmeileng teng, mme ke tla ya mo nka.”


Jwale ba batla ho mo tshwara, empa ha ho ya ileng a mo isa letsoho, hobane nako ya hae e ne e eso fihle.


Jesu a re ho bona: “Nako ya ka ha e eso fihle, athe nako ya lona ke yona kamehla.


Lona, eyang moketeng; nna ha ke ye moketeng ona, hobane nako ya ka ha e eso fihle.”


Dipolelo tsena o ne a di bua a le polokelong ya matlotlo, a ruta ka Tempeleng, mme ha ho ya ileng a mo tshwara, hobane nako ya hae e ne e eso fihle.


Ha ho le jwalo, ha re sa tseba mang kapa mang ka mokgwa wa botho. Le haeba re ile ra tseba Kreste ka mokgwa wa botho, kajeno ha re sa mo tseba jwalo.


A bua ka mmae le ntatae, a re: “Ha ke eso mmone le ho mmona!” Esita le bana babo a ba latola, le bana ba hae a se ke a ba tseba. Ba hlokometse lentswe la hao, selekane sa hao ba se boloka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ