Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 19:6 - BIBELE

6 Eitse ha baprista ba baholo le mapolesa ba mmona, ba howa, ba re: “Mo thakgise! Mo thakgise!” Pilato a re ho bona: “Mo nkeng e le lona, le mo thakgise, hobane nna ha ke fumane molato ho yena!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Empa baprista ba baholo le bahlanka, yare ha ba mmona, ba howa, ba re: Mo thakgise! mo thakgise! Pilato a re ho bona: Mo nkeng e le lona, le mo thakgise; hobane nna ha ke fumane molato ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

6 Yare ha baprista ba baholo le bahlanka ba mmona, ba howa, ba re: Mo thakgise, mo thakgise! Pilato a re ho bona: Mo nkeng lona, le mo thakgise, hobane nna ha ke fumane molato ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Yare ha baprista ba baholo le bahlanka ba mmona, ba howa, ba re: Mo thakgise, mo thakgise! Pilato a re ho bona: Mo nkeng lona, le mo thakgise, hobane nna ha ke fumane molato ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 19:6
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Petrose a mo latela a le sebakana ho ya fihla ha Moprista e Moholo, mme hoba a kene, a dula le bahlanka ho bona pheletso.


Pilato a re ho bona: “Jwale ke etse jwang ka Jesu ya bitswang Kreste?” Bohle ba re: “A thakgiswe!”


Yare ha Pilato a bona hore ha ho thuse letho, lerata le mpa le eketseha, a nka metsi, a hlapa matsoho pontsheng ya letshwele, a re: “Ha ke na molato mading a motho enwa; ke tabeng ya lona!”


Pilato a re ho baprista ba baholo le ho matshwele: “Ha ke fumane molato ho motho enwa.”


Jwale Judase a ya teng le lebotho la bahlabani le balebedi ba neng ba romilwe ke baprista ba baholo le Bafarisi, ba tshwere mabone, le dirumola, le dihlomo.


Pilato a re ho bona: “Mo nkeng e le lona, le mo ahlole ka ho ya ka molao wa lona.” Bajuda ba re ho yena: “Ha re na tokelo ya ho bolaya motho.”


Pilato a re ho yena: “Nnete keng?” Hoba a rialo, a boela a tswela ho Bajuda kantle, a ba bolella, a re: “Ha ke fumane molato ho yena.


Bao ba howa, ba re: “Mmolaye! Mmolaye! Mo thakgise!” Pilato a re ho bona: “Ke thakgise kgosi ya lona?” Baprista ba baholo ba araba, ba re: “Ha re na kgosi haese Sesare.”


Pilato a tswela kantle hape, mme a re ho Bajuda: “Bonang, ke mo tlisa ho lona kantle, le tle le tsebe hore ha ke fumane molato ho yena.”


Ke yena ya neetsweng lefu ka thato le tsebo ya Modimo, mme lona le mo thakgisitse ka matsoho a banna ba kgopo, la mmolaya.


Ke ofe wa baporofeta ya sa kang a hloriswa ke bo-ntata lona? Ba bolaile ba neng ba bolele pele ho tla ha Ya Lokileng, eo le lona le bileng baeki le babolai ba hae;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ