Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 19:34 - BIBELE

34 empa e mong wa bahlabani a mo hlaba lehlakoreng ka lerumo la hae, mme hanghang ha tswa madi le metsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Empa e mong wa bahlabani a mo hlaba lehlakore ka lerumo, yaba madi le metsi a phakisa a tswa ho lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

34 Empa e mong wa bahlabani a mo hlaba lehlakore ka lerumo, mme hanghang ha tswa madi le metsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

34 Empa e mong wa bahlabani a mo hlaba lehlakore ka lerumo, mme hanghang ha tswa madi le metsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 19:34
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ruri ke bile ya sa lokang ho tloha tswalong ya ka, ke bile moetsadibe ho tloha popelong ya mme.


Ke tla le fafatsa ka metsi a hlwekileng, mme le tla hlweka; ke le hlwekise ditshileng tsohle tsa lona, le medingwana yohle ya lona ya bohata ke e tlose.


“Ke tla theolela moya wa kutlwelobohloko le wa thapedi hodima ntlo ya Davida le hodima baahi ba Jerusalema. Ba tla tadima nna eo ba mo hlabileng, ba mo llele jwaloka ya llelang ngwana ya inotshi; ba mo sarellwe habohloko jwaloka ya llelang mora wa hae wa letsibolo.


“Mohla tsatsi leo, sediba se tla ba teng, seo ba ntlo ya Davida le baahi ba Jerusalema, ba tla hlwekiswa sebe le ditshila tsa bona ho sona.


Ka la hosasane, e leng letsatsi le hlahlamang la tlhekelo, baprista ba baholo le Bafarisi ba phuthehela ho Pilato,


empa ha ba etla ho Jesu, mme ba bona hore o se a shwele, ba se ke ba roba meomo ya hae,


Hoba a rialo, a ba bontsha matsoho a hae le lehlakore. Barutuwa ba thaba ha ba bona Morena.


Jwale o diehelang? Ema, o kolobetswe, o hlatsuwe dibe tsa hao ka ho rapela lebitso la hae.’ ”


Ke ka Modimo le leng ho Kreste Jesu, eo Modimo a mo entseng bohlale ba lona, le ho loka ha lona, le kgalalelo ya lona, le topollo ya lona.


Ba bang ba lona le ne le le jwalo, empa le ile la hlatsuwa, la halaletswa, la lokafatswa ka lebitso la Morena Jesu Kreste, le ka Moya wa Modimo wa rona.


O ratile ho e halaletsa, ka ho e hlwekisa ka tlhatsuo ya metsi, le ka lentswe,


Yena o iteletse rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, a itlhwekisetse setjhaba seo e tla ba sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


Haesita madi a diphooko le a dipoho, le molora wa sethojana o fokwang, tsena di halaletsa batho ba silafetseng ka ho ba hlwekisa mmeleng,


Ho ya ka Molao e batla e le tsohle tse hlwekiswang ka madi, mme dibe di ke ke tsa tshwarelwa ha madi a sa tsholohe.


Metsi ana ke setshwantsho sa kolobetso e re pholosang jwale. Kolobetso hase ho hlatsuwa ditshila tsa mmele, empa ke ho itlama ho Modimo ka letswalo le kgutsitseng. E le pholosa ka tsoho ya Jesu Kreste,


Ke yena Jesu Kreste ya tlileng ka metsi le ka madi; e seng ka metsi feela, empa ka metsi le ka madi, mme ke Moya o Halalelang o pakang hona, hobane Moya ke nnete.


ke Moya, metsi le madi, mme tse tharo tsena di a dumellana.


le ke Jesu Kreste, eo e leng yena paki e tshepahalang, wa pele ya tsohileng bafung, le mmusi wa dikgosi tsohle tsa lefatshe. Ho ya re ratileng, ya re hlatswitseng dibe ka madi a hae,


Ka mo araba, ka re: “Monghadi, ho tseba wena.” A re ho nna: “Ke ba tswang matshwenyehong a maholo. Ba hlatswitse diaparo tsa bona, mme ba di sweufatsa ka madi a Konyana.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ