Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 18:4 - BIBELE

4 Jesu, ka ho tseba tsohle tse mo tlelang, a ya ho bona, mme a re: “Le batla mang?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Jesu, kahobane a ne a tseba tsohle tse tla mo hlahela, a tswela ho bona, a re ho bona: Le batla mang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

4 Jesu, ka ho tseba tsohle tse tla mo hlahela, a tswela ho bona, a re: Le batla mang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Jesu, ka ho tseba tsohle tse tla mo hlahela, a tswela ho bona, a re: Le batla mang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 18:4
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka Modimo ya phelang, ha ho setjhaba kapa mmuso oo monga ka a sa kang a ya o batla ho wona; ere ha ba re: ‘Ha a yo,’ ebe o hlapantsha mmuso oo kapa setjhaba seo, hore ruri o fela o le siyo.


Empa ka re: “Motho ya kang nna ke wa ho baleha? Ke mang ya kang nna, ya ka balehelang ka Tempeleng, ho ipholosa? Nke ke ka ya!”


Leha nka dikanelwa ke mara, nke ke ka tshoha letho; esita leha nka futuhelwa, le teng ke tla nne ke be le tshepo.


Ke ye ke ithoballe, ke kgalehe, ke be ke itsohele, hobane Morena o na le nna.


Ya kgopo o baleha a sa phaladiswe ke motho, ba lokileng bona ba sebete jwaloka tau.


Ho tloha ka nako eo Jesu a qala ho qaqisetsa barutuwa ba hae hore eka kgona a ye Jerusalema, a yo hlokofatswa haholo ke baholo, le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme ka tsatsi la boraro a tsoswe bafung.


“Le a tseba hore kamora matsatsi a mabedi e tla ba Paseka, mme Mora Motho o tla neelwa ho thakgiswa.”


Ha ba ntse ba eja, a re: “Ruri ke a le bolella hore e mong wa lona o tla nkeka.”


Jwale Jesu a re ho bona: “Ka bosiu bona lona bohle le tla nkwenehela, hobane ho ngotswe, ho thwe: “ ‘Ke tla otla modisa, mme dinku tsa mohlape di tla qhalana.’


Jwale a re ho bona: “Ke wona mantswe a ka, ao ke ileng ka le bolella wona ha ke sa na le lona, hore eka kgona ho phethahale tsohle tse ngotsweng Molaong wa Moshe, le Baporofeteng, le Dipesalemeng ka nna.”


E ne e le pele ho mokete wa Paseka. Jesu o ne a tseba hore nako ya hae ya ho tloha lefatsheng lena, a eya ho Ntatae, e fihlile. O ne a ratile ba hae ba lefatsheng, mme a nna a ba rata ho isa qetellong.


O ne a tseba ya tla mo eka, mme ke ka baka leo a itseng: “Ha le a hlweka bohle.”


Ba mo araba, ba re: “Jesu wa Nasaretha.” A re ho bona: “Ke nna enwa.” Le yena Judase, ya mo ekang, o ne a eme le bona.


A ba botsa hape, a re: “Le batla mang?” Ba re: “Jesu wa Nasaretha.”


Kamora tsena Jesu, ka ho tseba hore jwale tsohle di phethahetse, a re: “Ke nyorilwe,” e le hore Mangolo a phethahale.


Empa ba bang ba teng ho lona ba sa dumeleng.” Jesu o ne a tsebile ho tloha qalong hore na ba sa dumeleng ke bo-mang, le hore na ya tla mo eka ke mang.


O mpontshitse ditsela tsa bophelo. Ha o ena le nna ke tla nyakalla.’


Erekaha Kreste a ile a mamella mahloko mmeleng, le lona imatlafatseng ka maikutlo a tshwanang le a hae, hobane ya mameletseng mahloko mmeleng o kgaohane le sebe,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ