Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 18:32 - BIBELE

32 E ne e le hore ho phethahale boporofeta boo Jesu a bo boletseng ha a supa mofuta wa lefu leo a tla le shwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Ya eba hore polelo e boletsweng ke Jesu e etsahale, eo a lekantseng ka yona mofuta wa lefu leo a tla shwa ka lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

32 hore ho tle ho phethehe lentswe la Jesu leo a le boletseng, a bolela lefu leo a tla shwa ka lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

32 hore ho tle ho phethehe lentswe la Jesu leo a le boletseng, a bolela lefu leo a tla shwa ka lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 18:32
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

mmetso wa ka o omeletse jwaloka lengetana, leleme la ka le kgomaretse mahalapeng a ka. O nthobaditse leroleng la lefu.


ba neelane ka yena ho baditjhaba, hore ba mo some, ba mo shape, mme ba mo thakgise sefapanong, a nto tsoha ka letsatsi la boraro.”


“Le a tseba hore kamora matsatsi a mabedi e tla ba Paseka, mme Mora Motho o tla neelwa ho thakgiswa.”


a re: “Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme Mora Motho o tla neelwa baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao, mme ba tla mo ahlolela lefu, ba neelane ka yena ho baditjhaba;


Bajuda ba boela ba thonaka majwe ho mo tlepetsa.


Bajuda ba araba, ba re: “Ha re o tlepeletse mosebetsi o molemo, empa re o tlepeletsa nyefolo, le kahobane ere o le motho, o iketsa Modimo.”


“Ha ke bue ka lona bohle; ke tseba bao ke ba kgethileng. Empa Mangolo a reng: ‘Eo ke ntshanang se inong le yena, o nthahile ka serethe,’ a tshwanetse ho phethahala.


Pilato a re ho bona: “Mo nkeng e le lona, le mo ahlole ka ho ya ka molao wa lona.” Bajuda ba re ho yena: “Ha re na tokelo ya ho bolaya motho.”


O ne a bolela hona ho supa hore na o tla tlotlisa Modimo ka lefu le jwang. Hoba a rialo, a re ho yena: “Ntatele!”


Jwalokaha Moshe a ne a phahamise noha feelleng, eka kgona Mora Motho a phahamiswe jwalo,


Jesu a re: “Ha le se le phahamisitse Mora Motho, ke hona le tla tseba hore e ntse e le nna, le hore ha ke etse letho ka bonna, empa ke bua ditaba tsena jwalokaha Ntate a nthutile tsona.


Ba tlepetsa Setefane ka majwe, a ntse a rapela, a re: “Morena Jesu, amohela moya wa ka!”


Kreste o re lopolotse thohakong ya Molao, ka hore a fetohe ya rohakehileng ka baka la rona, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Mang le mang ya fanyehilweng sefateng o rohakehile.”


setopo seo sa hae se se ke sa qeta bosiu se ntse se leketlisitswe sefateng. Se hle se epelwe ka lona letsatsi leo, hobane ya leketlisitsweng sefateng o rohakilwe ke Modimo. O se ke wa silafatsa naha ya heno, eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona hore e be lefa la hao.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ