Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 18:1 - BIBELE

1 Hoba Jesu a bolele tsena, a tswa le barutuwa ba hae, a tshelela mose ho nokana ya Kederone, moo ho neng ho ena le serapa teng; a kena ho sona le barutuwa ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Eitse hobane Jesu a bolele taba tseo, a tswa le barutuwa ba hae, a ya mose wane wa molatswana wa Kedrone, moo tshimo e neng e le teng; mme a kena teng le barutuwa ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Eitse hobane Jesu a bolele taba tseo, a tswa le barutuwa ba hae, a ya mose ho molatswana wa Kedrone, moo ho neng ho le tshimo teng, mme a kena ho yona le barutuwa ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Eitse hobane Jesu a bolele taba tseo, a tswa le barutuwa ba hae, a ya mose ho molatswana wa Kedrone, moo ho neng ho le tshimo teng, mme a kena ho yona le barutuwa ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 18:1
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena Modimo a nka motho, a mmea serapeng sa Edene hore a se leme, a se hlokomele.


Yaba Morena Modimo o mo ntsha serapeng sa Edene, hore a yo lema mobu oo a ntshitsweng ho wona.


Baahi bohle ba naha ba bokolla haholo, ha setjhaba sohle se fetela pele. Ha kgosi e tshela molatswana wa Kiderone, setjhaba sohle sa fetela pele, ka tsela e yang lehwatateng.


A tlosa le nkgonwae Maaka setulong sa bofumahadi, hobane o ne a entse setshwantsho se nyonyehang sa Ashera. Asa a pshatla modimo oo wa bohata, a o tjhesetsa ka molatswaneng wa Kiderone.


Mohla o ka tlohang, wa tshela molatswana wa Kiderone, o tsebe hantle hore o tla shwa, mme o tla be o ipolaile.”


Dialetare tse neng di le hodima marulelo a ntlo e kahodimo, ya Akase, tse neng di hahilwe ke dikgosi tsa Juda, le dialetare tseo Manase a neng a di hahile mabaleng a mabedi a Tempele ya Morena, kgosi ya di heletsa, ya di thua, ya lahlela kumokumo ya tsona ka molatswaneng wa Kiderone.


Kgosi Josiya a laela Hilekiya, Moprista e Moholo, le baprista ba mokgetho wa bobedi, le balebedi ba monyako, ho ntshetsa kantle ho Tempele ya Morena, dintho tsohle tse neng di etseditswe Baale, le Ashera, le letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, ya di tjhesetsa kantle ho Jerusalema, molatswaneng wa Kiderone, mme molora wa tsona wa iswa Bethele.


A ntsha setshwantsho sa Ashera se ka Tempeleng ya Morena e Jerusalema, a se isa molatswaneng wa Kiderone, a se tjhesetsa teng, a se etsa thuethue, mme molora wa sona a o qhalla hodima mabitla a motse.


Kgosi Asa a tlosa Maaka, nkgonwae, setulong sa bofumahadi, hobane o ne a ile a etsa setshwantsho se nyonyehang sa Ashera. Asa a robaka modimo oo wa nkgonwae, a o thua, a o tjhesetsa ka molatswaneng wa Kiderone.


Baprista ba kena ka Tempeleng ya Morena ho ya e hlwekisa. Ditshila tsohle tseo ba di fumaneng ka Tempeleng ya Morena ba di hlekela ka seotlwaneng sa Tempele ya Morena. Balevi ba nka ditshila tsena ba di lahlela ka molatswaneng wa Kiderone.


Batho ba tlosa dialetare Jerusalema, ba tlosa le dialetare tsohle tsa mokubetso, ba di lahlela ka molatswaneng wa Kiderone.


Ka nyolosa jwalo le bosiu, ke ikgohlile ka molatswana; ka nna ka hlahloba lerako, ka nto kgutla, ka kena ka Monyako wa Kgohlo.


Kgohlo yohle eo ho lahlelwang ditopo le molora ka ho yona, le naha yohle ho ya fihla molatswaneng wa Kiderone, le ho ya fihla sekgutlong se ka botjhabela, se bitswang Kgoro ya Dipere, naha eo yohle ho Morena e tla halalela. Motse oo o ke ke wa hlola o sa ripitlwa, leha e le ho timetswa le ka mohla.”


O bo rathele, ebe o tshela ole hodima bona; ke nyehelo ya phofo.


Hoba ba bine sefela, ba tswa, ba ya Thabeng ya Mehlwaare.


Jwale Jesu a ya le bona serapeng se bitswang Gethesemane, mme a re ho barutuwa: “Dulang mona ha ke sa ntse ke eya mane ho rapela.”


Hoba ba bine sefela, ba tswa, ba ya Thabeng ya Mehlwaare.


Yaba ba ya serapeng seo lebitso la sona e leng Gethesemane, mme Jesu a re ho barutuwa ba hae: “Dulang mona ha ke ntse ke rapela.”


Tsohang, a re yeng, ya nkekang ke enwa, o se a atametse.”


empa lefatshe le tshwanetse ho tseba hore ke rata Ntate, mme ke etsa jwalokaha Ntate a ntaetse. Emang, a re tloheng mona.”


E mong wa bahlanka ba Moprista e Moholo, ya tswalanang le eo Petrose a mo kgaotseng tsebe, a re: “Na ha ke a ka ka o bona o ena le yena serapeng?”


A tla ho rona, a nka leqhama la Paulosi, a itlama maoto le matsoho ka lona, a re: “Moya o Halalelang o bolela tsena: ‘Bajuda ba tla tlama monga leqhama lena, tjena, kwana Jerusalema, ba neelane ka yena matsohong a baditjhaba.’ ”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ