Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 17:24 - BIBELE

24 “Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng le bona ba be hona teng, hore ba bone tlotla ya ka, eo o nneileng yona, hobane o nthatile ho eso thewe lefatshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng, le bona ba be teng le nna, ba tle ba tadime kganya ya ka, eo o nneileng yona; hobane o nthatile lefatshe le eso ho thewe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

24 Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng, le bona ba be le nna; hore ba tle ba bone kganya ya ka, eo o nneileng yona, hobane o nthatile pele lefatshe le thewa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng, le bona ba be le nna; hore ba tle ba bone kganya ya ka, eo o nneileng yona, hobane o nthatile pele lefatshe le thewa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 17:24
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tsebisang ntate hlompho yohle eo ke nang le yona mona Egepeta, le tsohle tseo le di boneng. Potlakang, le theolele ntate kwano.”


“Monga hae a re ho yena: ‘Ke hantle, mohlanka ya kgabane, ya tshepahalang; o tshepahetse dinthong tse seng kae, ke tla o etsa modisa wa tse ngata. Kena, o thabe le monga hao!’


“Monga hae a re ho yena: ‘Ke hantle, mohlanka ya kgabane, ya tshepahalang; o tshepahetse dinthong tse seng kae, ke tla o etsa modisa wa tse ngata. Kena, o thabe le monga hao!’


“Jwale Kgosi e tla re ho ba ka ho le letona: ‘Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le rue Mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa,


Ke a le bolella, ho tloha jwale ha nka ke ka nwa seno se tswang tholwaneng ya morara ho fihlela letsatsing leo ke tla se nwa le lona Mmusong wa Ntate se le setjha.”


Ho lehlohonolo bahlanka bao etlare ha monga bona a fihla, a ba fumane ba fadimehile. Ruri ke a le bolella, ke re: O tla itlama letheka, a ba fepe, a atamele, mme a ba sebeletse.


A re ho sona: “Ruri ke a o bolella, kajeno o tla ba le nna paradeising.”


Lentswe ya eba motho, la aha hara rona, mme ra bona tlotla ya lona, e tletseng mohau le nnete, tlotla e kang eo Mora ya tswetsweng a nnotshi a e fumaneng ho Ntate.


Ha motho a ntshebeletsa, a ntatele, mme moo ke leng teng, le mosebeletsi wa ka o tla ba hona teng; ha motho a ntshebeletsa, Ntate o tla mo hlompha.”


Ha ke se ke ile, ke le lokiseditse bodulo, ke tla boela ke tle ke le nkele ho nna, hore moo nna ke leng teng, le lona le be hona teng.


“Jwalokaha Ntate a nthatile, le nna ke le ratile jwalo; dulang leratong la ka.


jwalokaha o mo neile matla hodima batho bohle, hore bohle bao o mo neileng bona, a tle a ba nee bophelo bo sa feleng.


Tlotla eo o nneileng yona ke ba neile yona, hore ba tle ba be ntho e le nngwe, jwalokaha le rona re le ntho e le nngwe:


Jwale, wena Ntate, ntlotlise kapele ho wena ka tlotla eo ke bileng le yona ho wena, lefatshe le eso be teng.


Bohle bao Ntate a nneang bona ba tla tla ho nna, mme ya tlang ho nna ha nka ke ka mo lahlela kantle,


Thato ya ya nthomileng ke hore ho bohle bao a nneileng bona, ho se ke ha lahleha le ya mong wa bona, empa ke ba tsose ka letsatsi la ho qetela.


Jesu a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella, Aborahama a eso tswalwe, nna e ne e se ntse e le nna.”


Hajwale re bona ka seipone, ka lerootho, empa mohlang oo re tla bona jwalokaha difahleho di tadimane. Hajwale ke tseba ka mokgwa o sa phethahalang, empa mohlang oo ke tla tseba jwalokaha Modimo a ntseba.


Rona bohle, jwaloka seiponeng, re bonahatsa tlotla ya Morena ka difahleho tse kgurumolotsweng, mme yona tlotla eo, e tswang ho Morena e leng Moya, e re fetola hore re tshwane le yena; re ntse re atelwa ke tlotla hoyahoile.


Modimo ya itseng: “Lesedi le kganye lefifing,” ke yena ya kgantsheditseng dipelo tsa rona, hore di be le lesedi la tsebo ya tlotla ya Modimo, e kganyang sefahlehong sa Kreste.


Ka hona re kgothetse, mme se ka re kgahlang ke ho falla mmeleng ona, re tle re yo aha le Morena.


Ke qakilwe ke ntho tsena tse pedi: Ke lakatsa ho falla bophelong bona, ke yo ba le Kreste, mme hona ho molemo ka ho fetisisa,


Jwale rona ba tla beng ba ntse ba phela re tla nkelwa marung hammoho le bona, ho ya kgahlanyetsa Morena sebakeng, mme ka mokgwa o jwalo re tla ba le Morena kamehla.


Ke ka yena le dumelang ho Modimo ya mo tsositseng bafung, a ba a mo nea tlotla, e le hore tumelo le tshepo ya lona di tle di be ho Modimo.


Baratuwa, jwale re se re le bana ba Modimo, empa seo re tlang ho ba sona ha se eso bonahatswe. Feela re a tseba hore, mohla Kreste a iponahatsang, re tla tshwana le yena, hobane re tla mmona kamoo a leng kateng.


Ha ke a ka ka bona tempele motseng oo, hobane tempele ya wona ke Morena, Modimo ya matla wohle, le Konyana.


“Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ