Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 17:21 - BIBELE

21 hore bohle ba tle ba be ntho e le nngwe, jwalokaha wena, Ntate, o le ka ho nna, le nna ke le ka ho wena, hore le bona ba tle ba be ka ho rona, lefatshe le tle le dumele hore o nthomile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 bohle ba tle ba be bang, jwalokaha wena, Ntate, o le ho nna, le nna ke le ho wena; le bona ba be bang ho rona, hore lefatshe le tle le dumele hoba o nthomile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

21 hore bohle ba be bang; jwalokaha wena, Ntate, o le ho nna, le nna ke le ho wena, le bona ba ka ba ho rona: hore lefatshe le tle le dumele hobane o nthomile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 hore bohle ba be bang; jwalokaha wena, Ntate, o le ho nna, le nna ke le ho wena, le bona ba ka ba ho rona: hore lefatshe le tle le dumele hobane o nthomile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 17:21
37 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla se nea pelo e leng nngwe le sepheo se le seng, hore se tle se ntshabe kamehla yohle, mme sona, mmoho le ditloholo tsa sona, se fumane tse molemo.


Mohlang oo ke tla fedisa puo tse mpe tsa ditjhaba, bohle ba tle ba ipiletse ho Morena, ba mo sebeletse ba le ntsweleng.


Morena e tla ba yena kgosi ya lefatshe lohle. Mohla tsatsi leo, Morena o tla ba mong, le lebitso la hae e be lona le inotshi.


Haeba mmuso o ikarola ho itwantsha, mmuso oo o ke ke wa tiya.


Ke sa na le dinku tse ding, tseo e seng tsa lesaka lena. Le tsona eka kgona ke di tlise; di tla utlwa lentswe la ka, mme mohlape o tla ba mong, le modisa a be mong.


empa ha ke e etsa, leha le sa ntumele, dumelang mesebetsi, hore le hlalohanye, mme le nne le tsebe hore Ntate o ka ho nna, le nna ke ka ho Ntate.”


Nna ke a tseba hore o nkutlwa kamehla, empa ke buile ka baka la letshwele le nteetseng hare, hore le tle le dumele hore o nthomile.”


Ha Modimo a tlotlisitswe ka yena, Modimo le yena o tla tlotlisa Mora Motho, mme o tla mo tlotlisa kapelepele.


Bohle ba tla tseba ka hona hore le barutuwa ba ka, ha le ratana.”


Ha ke sa le lefatsheng, empa bona ba ntse ba le lefatsheng, athe nna ke tla ho wena. Ntate ya halalelang, o ba boloke ka lebitso la hao leo o nneileng lona, hore ba be ntho e le nngwe jwaloka rona.


Jwalokaha o nthomile lefatsheng le nna ke ba romile lefatsheng,


“Ha ke rapelle bona feela, empa ke rapella le ba dumelang ho nna ka lentswe la bona,


“Ntate ya lokileng, lefatshe ha le a ka la o tseba, empa nna ke o tsebile, mme bana ba tsebile hore o nthomile.


Bophelo bona bo sa feleng ke hore ba o tsebe, o le Modimo a le mong, wa nnete, le Jesu Kreste eo o mo romileng.


hobane mantswe ao o nneileng wona, ke ba neile wona. Ba a amohetse, ba tsebile kannete hore ke tswa ho wena, mme ba dumetse hore o nthomile.


Modimo ha a a ka a roma Mora wa hae lefatsheng ho ahlola lefatshe, empa e le hore lefatshe le pholoswe ka yena.


hore bohle ba hlomphe Mora jwalokaha ba hlompha Ntatae. Ya sa hlompheng Mora ha a hlomphe Ntatae ya mo romileng.


Ka letsatsi le leng le le leng ba ba mmoho ka Tempeleng ba le maikutlo a le mang, ba kena ntlo ka nngwe ba ntse ba ngwatha bohobe; ba ja dijo ka thabo le ka pelo tse tshweu.


Jwale bongata ba ba dumetseng ba eba pelonngwe le moyamong, mme ha se ke ha eba le ya mong ya reng tseo a nang le tsona ke tsa hae a le inotshi, empa tsohle ba di kopanela.


ka mokgwa o jwalo, leha re le bangata, re mmele o le mong ho Kreste, e mong ke setho sa e mong.


Bana beso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste ke ipiletsa ho lona hore bohle le be ntsweleng, dikarohano di be siyo hara lona, le mpe le utlwane, le be le maikutlo a le mang le kgopolo e le nngwe.


Jwalokaha mmele o le mong o ena le ditho tse ngata, mme ditho tsohle tsa mmele, leha di le ngata, e le tsa mmele o le mong, le yena Kreste o jwalo.


Empa ya ikopanyang le Morena ke ntho e le nngwe le yena ka moya.


Jwale ha ho sa le Mojuda kapa moditjhaba, ha ho sa le lekgoba kapa molokollwa, ha ho sa le monna kapa mosadi, hobane lona bohle le ntho e le nngwe ho Kreste Jesu.


Feela le ke le phele ka mokgwa o tshwanelang molaetsa o molemo wa Kreste, e le hore, leha nka tla ho le bona kapa ka sitwa, ke nne ke utlwe hore le ntse le tiile, le moyamong, mme ka maikutlo a le mang le lwanela tumelo e hlahiswang ke molaetsa o molemo.


Seo re ileng ra se bona, le seo re ileng ra se utlwa, re le bolella sona, e le hore le lona le tle le phedisane le rona, mme ho phedisana ha rona le lona ke ho phedisana le Ntate le Mora wa hae, Jesu Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ