Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 17:15 - BIBELE

15 Ha ke rapele hore o ba tlose lefatsheng, empa e le hore o ba sireletse ho E Mobe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ha ke o rapele hore o ba tlose lefatsheng, empa e le hore o ba sireletse bobeng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Ha ke o rapele hore o ba tlose lefatsheng, empa ke re o ba sireletse ho ya kgopo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Ha ke o rapele hore o ba tlose lefatsheng, empa ke re o ba sireletse ho ya kgopo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 17:15
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lengeloi le ntopoletseng bobeng bohle, a hlohonolofatse bahlankana bana! Bitso la ka, le la Aborahama, le la Isaka, a ke a tume, a tumiswe ke bona, ba ke ba ate, ebe letshwele naheng ena.”


Jabese a ipiletsa ho Modimo wa Iseraele, a re: “Ke a o rapela: O ke o ntlohohonolofatse, o nkekeletse naha, o mpaballe, o ntshireletse, mme ke se ke ka hlokofatswa.” Modimo a mo nea seo a se kopileng.


Morena o tla o sireletsa, a o sireletse bobeng bohle, a baballe bophelo ba hao.


Ka ipiletsa ho wena Morena, ka etsa thapedi ho Morena, ka re:


Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.


Batho ba lokileng ba a timela, ha ho le ya mong ya keng a nahane hona; ba nang le tumelo le bona ba a fediswa, ha ho ya utlwisisang hona: Ba lokileng ba balehisetswa bobe bo tlang.


Ha le re ‘e’, le re ‘e’; ha le re ‘tjhe’, le re ‘tjhe’; ha e le ho fetang hoo, ho tswa ho E Mobe.”


o re phemise ho kena molekong, o mpe o re lopolle bobeng, hobane Mmuso ke wa hao, le matla, le tlotla, kamehla le mehla. Amen.’


o re tshwarele dibe tsa rona, hobane le rona re tshwarela bohle ba re sitelwang; o re phemise ho kena molekong.”


empa ke o rapeletse hore o se ke wa fellwa ke tumelo. Jwale wena, ha o se o bakile, o matlafatse bana beno.”


Kreste o itetse ka baka la dibe tsa rona, hore a tle a re lopolle lefatsheng lena le kgopo, ho ya ka thato ya Modimo Ntata rona.


Empa Morena o a tshepahala, o tla le matlafatsa, a le sireletse ho E Mobe.


Jwale ke se ke beetswe mofapahlooho wa ho loka, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tlang ho mputsa ka wona ka Letsatsi lela; e seng nna feela, empa le bohle ba lebeletseng boiponahatso ba hae.


Re a tseba hore mang le mang ya tswetsweng ke Modimo ha a sa etsa sebe, hobane Mora wa Modimo o a mmoloka, mme E Mobe a ke ke a mo etsa letho.


Re a tseba hore re ba Modimo, le hore lefatshe lohle le pusong ya E Mobe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ