Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 17:1 - BIBELE

1 Jesu a bua tsena, mme a lelaletsa mahlo lehodimong, a re: “Ntate, nako e fihlile; tlotlisa Mora wa hao, hore Mora a tle a o tlotlise,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jesu a bolela taba tseo, a ntoo lelaletsa mahlo a hae lehodimong, a re: Ntate, nako e tlile! Tlotlisa Mora wa hao, hore Mora wa hao a o tlotlise le yena;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Jesu a bua taba tseo, mme a lelaletsa mahlo a hae lehodimong, a re: Ntate, nako e tlile; tlotlisa Mora oa hao, hore Mora oa hao le eena a u tlotlise.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Jesu a bua taba tseo, mme a lelaletsa mahlo a hae lehodimong, a re: Ntate, nako e tlile; tlotlisa Mora oa hao, hore Mora oa hao le eena a u tlotlise.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 17:1
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Mahlo a ka a tadima ho wena, wena ya dutseng teroneng, lehodimong;


Ka lla sa lefokotsane kapa sa moholodi, ka kuruetsa sa leebana-kgorwana. Mahlo a ka a kgathetse ke ho lelalela hodimo, Morena, ke ditlallong, tloo, o tlo nthusa.”


Ha a kgutlela ho bona kgetlo la boraro, a re ho bona: “Na le sa ntse le robetse, le phomotse? Ho lekane. Nako e fihlile. Bonang, Mora Motho o neelwa matsohong a baetsadibe.


“Empa molekgetho a ema hojana, a tshaba le ho tadima lehodimong, a itshwabela, a re: ‘Modimo, ako nkgauhele, nna moetsadibe.’


Ke ne ke ntse ke ena le lona ka matsatsi wohle ka Tempeleng, ha le a ka la ntshwara! Empa nako ena ke ya lona le ya Matla a Lefifi.”


Yare ha Jesu a utlwa, a re: “Ho kula hona ha ho ise lefung, empa ho isa tlotlisong ya Modimo, hore Mora wa Modimo a tlotliswe ka hona.”


Yaba ba tlosa letlapa, mme Jesu a lelaletsa mahlo hodimo, a re: “Ntate, ke a o leboha ha o nkutlwile.


Jesu a ba araba, a re: “Nako e fihlile ya hore Mora Motho a tlotliswe.


E ne e le pele ho mokete wa Paseka. Jesu o ne a tseba hore nako ya hae ya ho tloha lefatsheng lena, a eya ho Ntatae, e fihlile. O ne a ratile ba hae ba lefatsheng, mme a nna a ba rata ho isa qetellong.


Bonang, nako e a tla, mme e se e fihlile, ya hore le qhalane, e mong le e mong a ye ha hae, mme le ntshiye ke le mong; feela ha ke mong, hobane Ntate o na le nna.


Jwale ba batla ho mo tshwara, empa ha ho ya ileng a mo isa letsoho, hobane nako ya hae e ne e eso fihle.


A bolela hona a lekanya Moya oo ba dumetseng ho yena ba neng ba se ba tla o amohela; kaha Moya o ne o eso be teng, hobane Jesu a ne a eso tlotliswe.


Dipolelo tsena o ne a di bua a le polokelong ya matlotlo, a ruta ka Tempeleng, mme ha ho ya ileng a mo tshwara, hobane nako ya hae e ne e eso fihle.


Modimo wa Aborahama, le wa Isaka, le wa Jakobo, Modimo wa bo-ntata rona, o tlotlisitse mohlanka wa hae, Jesu, eo lona le neelaneng ka yena, la mo hana kapele ho Pilato, ha yena a ne a rerile ho mo lokolla.


Ke ka yena le dumelang ho Modimo ya mo tsositseng bafung, a ba a mo nea tlotla, e le hore tumelo le tshepo ya lona di tle di be ho Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ