Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 16:4 - BIBELE

4 Empa ke le boleletse tsena, hore ha nako ya tsona e fihla, le hopole hore ke le boleletse tsona.” “Ha ke a ka ka le bolella tsena ho tloha qalong, hobane ke ne ke ena le lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ke mpa ke le boleletse taba tseo, hore nako ya tsona ha e tlile, le tle le hopole hobane ke na be ke le boleletse tsona. Ha ke sa ka ka le bolella tsona esale ho qaleng, ke hobane ke ne ke sa na le lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

4 Empa ke le boleletse taba tseo, hore mohla nako e fihlang, le hopole hobane ke le boleletse tsona. Mme taba tseo ha ke a ka ka le bolella tsona ho tloha qalong, kahobane ke ne ke ena le lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Empa ke le boleletse taba tseo, hore mohla nako e fihlang, le hopole hobane ke le boleletse tsona. Mme taba tseo ha ke a ka ka le bolella tsona ho tloha qalong, kahobane ke ne ke ena le lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 16:4
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le ye, le ntse le phatlalatsa, le re: ‘Mmuso wa mahodimo o atametse.’


Jesu a ba araba, a re: “Na baetsana ba ye ba hlomohe ka nako eo monyadi a ntseng a ena le bona? Ho tla tla matsatsi ao ka wona monyadi a tla tloswa ho bona, e be hona ba itimang dijo.


Empa lona, hlokomelang: Ke le boleletse tsohle e sa le pele.”


Jesu a re ho bona: “Na baetsana ba ka itima dijo ha monyadi a ntse a ena le bona? Ha monyadi a ntse a ena le bona ba ke ke ba itima dijo.


jwalokaha re di neeleditswe ke ba di boneng ka mahlo ho tloha qalong, mme ba fetoha basebeletsi ba lentswe,


“Ke le bolella e sa le jwale, pele ho etsahala, hore le tle le dumele ha ho etsahala, hore nna e ntse e le nna.


Ke le boleletse e sa le jwale, pele ho etsahala, hore ha ho etsahala le tle le dumele.


Nna ke tla mmontsha tsohle, tseo eka kgonang a di hlokofaletswe ka baka la lebitso la ka.”


Na le sa hopola hore tseo tsohle ke ile ka le bolella tsona ke sa na le lona?


hobane ke a tseba hore haufinyane ke tla falla bophelong bona, jwalokaha Morena wa rona Jesu Kreste a ntsebisitse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ