Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 16:32 - BIBELE

32 Bonang, nako e a tla, mme e se e fihlile, ya hore le qhalane, e mong le e mong a ye ha hae, mme le ntshiye ke le mong; feela ha ke mong, hobane Ntate o na le nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Bonang, nako e a tla, le jwale e se e tlile, eo le tla qhalana ka yona, e mong le e mong a ye ka tsela ya hae, le ntlohele ke nnotshi; empa ha ke nnotshi, hobane Ntate o na le nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

32 Bonang, nako e a tla, e, e se e fihlile, eo le tla qhalana ka yona, e mong le e mong a ye ha habo, mme le ntlohele ke le mong;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

32 Bonang, nako e a tla, e, e se e fihlile, eo le tla qhalana ka yona, e mong le e mong a ye ha habo, mme le ntlohele ke le mong;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 16:32
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Tsoha, wena sabole, o lwantshe modisa wa ka, o lwantshe yena ya haufi le nna!” ho rialo Morena wa mabotho. “Otla modisa, dinku di tle di qhalane; nna ke tla otla le dikonyana.


Jwale Jesu a re ho bona: “Ka bosiu bona lona bohle le tla nkwenehela, hobane ho ngotswe, ho thwe: “ ‘Ke tla otla modisa, mme dinku tsa mohlape di tla qhalana.’


Empa hona hohle ho etsahetse hore se ngotsweng ke baporofeta se phethahale.” Jwale barutuwa bohle ba mo siya, ba baleha.


Yaba Jesu o re ho bona: “Bohle le tla kweneha, hobane ho ngotswe, ho thwe: “ ‘Ke tla otla modisa, mme dinku di tla qhalana.’


Jesu a ba araba, a re: “Nako e fihlile ya hore Mora Motho a tlotliswe.


Ba tla le tebela matlung a thapelo; etswe nako e a tla eo ka yona mang kapa mang ya le bolayang, a tla hopola hore o sebeletsa Modimo.


“Ke buile ditaba tsena ho lona ka dipapiso; nako e a tla eo ka yona ke sa tlo hlola ke bua ho lona ka dipapiso, empa ke tla le tsebisa Ntate ka mokgwa o totobetseng.


Jesu a ba araba, a re: “Na jwale le a dumela?


A nto re ho morutuwa: “Mmao ke eo.” Ho tloha nakong eo morutuwa a mo nkela ha hae.


Jesu a re ho yena: “Mosadi, ntumele hore nako e a tla eo ka yona le sa tlo kgumamella Ntate thabeng ena, leha e le Jerusalema.


Empa nako e a tla, mme e se e fihlile, eo ka yona bakgumamedi ba nnete ba tla kgumamela Ntate ka moya le ka nnete, hobane Ntate o fela a batla ba jwalo ho mo khumamela.


Kannetenete, ke a le bolella: Nako e a tla, mme e se e fihlile, eo ka yona bafu ba tla utlwa lentswe la Mora wa Modimo, mme ba le utlwang ba tla phela.


“Se makalleng hona, hobane nako e a tla, eo ka yona bohle ba ka mabitleng ba tla utlwa lentswe la hae,


Empa leha nka ahlola, kahlolo ya ka ke ya nnete, hobane ha ke nnotshi, empa ke na le Ntate ya nthomileng.


Ya nthomileng o na le nna; ha a ya ntlohela ke nnotshi, hobane ke etsa tse mo kgahlisang kamehla.”


ra dumedisana, mme ra kena ka sekepeng, ha bona ba kgutlela mahabona.


Saule o ne a dumellana le polao ya Setefane. Ka tsatsi lona leo tlhoriso e kgolo ya hlahela kereke e Jerusalema, mme bohle, haese baapostola feela, ba qhalanela dinaheng tsa Judea le Samaria.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ