Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 16:3 - BIBELE

3 Tsena tsohle ba tla di etsa hobane ba sa ka ba tseba Ntate leha e le nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ba tla le etsa tseo, ke hobane ha ba tsebe Ntate, leha e le nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

3 Tsena ba tla le etsa tsona, kahobane ha ba a ka ba tseba Ntate, leha e le nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Tsena ba tla le etsa tsona, kahobane ha ba a ka ba tseba Ntate, leha e le nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 16:3
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ntate o nneile tsohle, mme ha ho ya tsebang hore na Mora ke mang, haese Ntate; le hore na Ntate ke mang, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena.”


Empa ba tla le etsa tsena tsohle ka baka la lebitso la ka, hobane ba sa tsebe ya nthomileng.


“Ntate ya lokileng, lefatshe ha le a ka la o tseba, empa nna ke o tsebile, mme bana ba tsebile hore o nthomile.


Bophelo bona bo sa feleng ke hore ba o tsebe, o le Modimo a le mong, wa nnete, le Jesu Kreste eo o mo romileng.


Jwale ba re ho yena: “Ntatao o kae?” Jesu a araba, a re: “Ha le ntsebe, le Ntate ha le mo tsebe; hoja le ne le ntseba, le Ntate le ka be le mo tseba.”


empa ha le mo tsebe; nna ke a mo tseba. Ha nka ka re ha ke mo tsebe, ke tla ba leshano jwaloka lona, empa ke a mo tseba, mme ke boloka lentswe la hae.


“Jwale, bana beso, ke a tseba hore lona, jwaloka babusi ba lona, le entse hona ka baka la ho hloka tsebo.


Ke boo ho seng le ya mong wa babusi ba lefatshe lena ya kileng a bo tseba hobane, hojane ba ne ba bo tsebile, ba ka be ba sa ka ba thakgisa Morena wa tlotla.


a le hara malakabe a mollo, ho ahlola ba sa tsebeng Modimo le ba sa mameleng molaetsa o molemo wa Morena wa rona Jesu.


leha pele ke ne ke le monyefodi, le mohlorisi, le moikakasi. Empa ke ile ka hauhelwa, kaha tsena ke di entse ke sa tsebe, ke eso be le tumelo.


Mang le mang ya latolang Mora, o latola le yena Ntate; ya pakang Mora, o paka le yena Ntate.


Bonang, Ntate o re ratile hakaakang, hore re be re bitswe bana ba Modimo, mme re fela re le bona. Ke ka lebaka lena lefatshe le sa re tsebeng, hobane ha le a ka la tseba Modimo.


Ya se nang lerato ha a tsebe Modimo, kaha Modimo ke lerato.


Hape re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe Modimo wa nnete. Re phela ka ho Modimo wa nnete, ka ho Mora wa hae, Jesu Kreste. Yena ke Modimo wa nnete, ke bophelo bo sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ