Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 16:21 - BIBELE

21 Mosadi ha a beleha o utlwa bohloko, hobane nako ya hae e fihlile, empa ha a se a belehile, ha a sa hlola a hopola bohloko ba pelehi, ka baka la thabo ya hore ho tswetswe motho lefatsheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ere mosadi ha a beleha, a utlwe bohloko, hobane nako ya hae e tlile; empa ha a tswetse ngwana, a lebale tsietsi ya hae ka baka la thabo ya hobane motho o tswetswe lefatsheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

21 Mosadi ha a beleha o utlwa bohloko, hobane nako ya hae e fihlile;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Mosadi ha a beleha o utlwa bohloko, hobane nako ya hae e fihlile;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 16:21
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A re ho mosadi: “Ha o ithwetse, ke tla o atisetsa bohloko. O tla beleha bana ka bohloko, o lakatse monna wa hao, mme yena a o buse.”


Tsietsi tsa hao o tla di lebala tsohle, o di hopole jwaloka metsi ha a sa fetile.


O fa nyopa lelapa, a e etse mma bana ya thabileng. Haleluja!


Ba tla kenelwa ke tshabo, mahlaba le bohloko di tla ba menya; ba tla meneka sa mosadi a kena tlung, motho a shebane le wa habo ka ho makala, fahleho tsa bona di fubele, di fubele sa malakabe.


Theka la ka le opa habohloko, ke tshwerwe ke mahlaba sa mosadi a kena tlung, ke kotlobane hoo ke sitwang ho utlwa, ke tshohile hoo ke sitwang ho bona.


“Mosadi o belehile a eso utlwe mahlaba a pelehi, a beleha mora, mahlaba a pelehi a eso mo fihlele.


Meneka, o bobole, wena Moradi wa Sione, o ke ya tshwerweng ke mahlaba a pelehi, jwale o tla tswa kahara motse, o tswe, o yo aha nahathothe. O tla tsamaya, o ye Babilona, ke hona moo o tla pholoswa teng, Morena o tla o lopolla o le hona moo, a o namolele matsohong a dira tsa hao.


Jwale wena o llelang hakaale? Na ebe wena ha o na kgosi? Na moeletsi wa hao o timetse, ha e le moo o utlwa bohloko, bohloko bo kang, ba mahlaba a pelehi?


hobane ho ngotswe, ho thwe: “Thaba, wena nyopa, wena ya sa beleheng; tsanyaola, o bine ka thabo, wena ya sa kang a utlwa bohloko ba pelehi; hobane bana ba mosadi ya lahlilweng ba bangata ho feta ba mosadi ya nyetsweng.”


Mohla batho ba reng: “Ke kgotso, ha ho kotsi,” ke mohla timelo e tla ba tsometsa jwalokaha bohloko ba pelehi bo tsometsa moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ