Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 16:20 - BIBELE

20 Kannetenete ke a le bolella: Le tla lla, mme le tla hlomoha, athe lefatshe le tla thaba; le tla swaba, empa maswabi a lona a tla fetoha thabo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Kannetenete ke re ho lona: Le tla lla, le be le lle, mme lefatshe le tla thaba; le tla utlwa bohloko, empa bohloko ba lona bo tla fetoha thabo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

20 Kannetenete ke re ho lona: Le tla lla, le be le lle, empa lefatshe le tla thaba;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Kannetenete ke re ho lona: Le tla lla, le be le lle, empa lefatshe le tla thaba;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 16:20
44 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modidietsane wa ba kgopo o sekgwahla, mokoka ha o yo, thabo ya baetsadibe ke ya motsotswana feela?


Ako nkutlwe, Morena, mme o nkgauhele; Morena, ako be mothusi wa ka!”


Rokang Morena, lona batshepuwa bohle ba hae, le boke lebitso la hae le halalelang.


Lesedi le tjhabela ya lokileng, thabo ke ya ba pelo di ntle.


Mohla tsatsi leo, o tla re: “Oho, Morena, ke tla o boka, le hoja o ne o nkgalefetse; kgalefo ya hao e kgaoditse, wena o fela o ntshedisitse.


ho nea ba Sione ba leng bofifing moqhaka o kgabane bakeng sa molora, ole ya thabo bakeng sa bofifi, seaparo sa thoriso bakeng sa maswabi, ba tle ba bitswe fate tsa ho loka, tse lenngweng ke Morena hore a tle a tlotliswe.


Lona ba thothomelang ha Morena a bua, mamelang dipolelo tsa hae: “Bana babo lona ba le hloileng, ba le kgesang ka baka la lebitso la ka, ba re: ‘Morena ha a ke a tlotliswe, re bone thabo ya lona!’ Empa bona ba tla hlajwa ke dihlong.


Ba kgathetseng ke tla ba kgatholla, ba lapileng ke tla ba fepa.”


“Empa ha balemi ba bona mora, ba buisana, ba re: ‘Enwa ke mojalefa; a re mmolayeng, re tle re je lefa la hae!’


Ho lehlohonolo ba mahlomoleng, hobane ba tla tshediswa.


Hanghang mokoko wa lla kgetlo la bobedi. Petrose a hopola polelo eo Jesu a neng a mmoleletse yona, e reng: “Mokoko o eso lle habedi, o tla be o ntatotse hararo.” A lla habohloko.


Yena a ya tsebisa ba neng ba bile le Jesu, ba neng ba hlomohile, ba lla.


Ha a rapetse a ya ho barutuwa, a ba fumana ba kgalehile ke maswabi,


Jesu a latelwa ke letshwelehadi la batho, le basadi ba neng ba mo hlomohetse, ba mo llela.


A re ho bona: “Ditaba tseo le tsamayang le buisana ka tsona ke dife?” Ba ema tlekelele! Ba swabile.


Rona re ne re tshepile hore ke yena ya tla lopolla Iseraele. Ntle ho tsena tsohle, lena ke letsatsi la boraro tsena di etsahetse.


Ho lehlohonolo lona ba lapileng jwale, hobane le tla kgoriswa. Ho lehlohonolo lona ba llang jwale, hobane le tla tsheha.


“Ditaba tsena ke di buile ho lona hore le tle le fumane kgotso ho nna. Le tla ba le matshwenyeho lefatsheng, empa kgothalang, nna ke hlotse lefatshe.”


Kahobane ke le boleletse tsena, dipelo tsa lona di tletse maswabi.


Hoba a rialo, a ba bontsha matsoho a hae le lehlakore. Barutuwa ba thaba ha ba bona Morena.


Ha e le baapostola, ba tloha kgotla ba nyakaletse, hobane ba fumanwe ba lokelwa ke ho tlontlollwa ka baka la lebitso la Jesu.


Ho feta mona, re ithorisa ka Modimo, ka baka la Morena wa rona Jesu Kreste, eo jwale re fumaneng poelano ka yena.


re le ba swabileng, empa re thabile; re le ba futsanehileng, empa re ruisa ba bangata; re le ba se nang letho, empa re ruile tsohle.


Empa se bewang ke Moya ke lerato, thabo, kgotso, mamello, mosa, molemo, botshepehi,


Lona le ile la fetoha baetsisi ba rona le ba Morena, mme hara matshwenyeho a mangata la amohela lentswe la hae ka thabo e tswang ho Moya o Halalelang.


Bana beso, ikukeng le le ba lehlohonolo, ha le feta hara diteko tsa mefutafuta,


Ho ya nang le matla a ho le boloka hore le se ke la kgoptjwa, le a ho le hlahisa kapela tlotla ya hae le se na sekodi, le nyakaletse,


Baahi ba lefatshe ba tla di tlaka, ba thabe, ba romellane dimpho, hobane baporofeta bao ba babedi ba ne ba ile ba ba tshwenya haholo.


Le e nee tlhokofatso le mahlomola a lekanang le boithoriso ba yona le boithabiso ba yona hobane ka pelong ya yona, e re: ‘Ke dutse teroneng ke le mofumahadi, ha ke mohlolohadi, mme ha nka ke ka tseba mahlomola.’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ