Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 16:19 - BIBELE

19 Jesu a tseba hore ba rata ho mmotsa, mme a re ho bona: “Na le botsana ka taba ee, hobane ke itse: ‘Kamora nakwana, ha le na ho mpona, empa kamora nakwana le tla boela le mpona?’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Jesu a tseba hobane ba rata ho mmotsa, a ba a re ho bona: Le botsana seo ke tswa se bolela, ha ke itse: Ho se ho se hokae, mme ha le ka ke la mpona; hape, ho se ho se hokae, mme le tla boela le mpone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 Jesu a tseba hobane ba ne ba rata ho mmotsa, a re ho bona: Hleka le a botsana hore ke itse: Ho se ho se hokae, mme ha le ka ke la mpona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Jesu a tseba hobane ba ne ba rata ho mmotsa, a re ho bona: Hleka le a botsana hore ke itse: Ho se ho se hokae, mme ha le ka ke la mpona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 16:19
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le se ke la ba etsisa, hobane Ntata lona o sa ntsa tseba tseo le di hlokang, le eso mo kope.


Jesu, ka ho tseba mehopolo ya bona, a re: “Le hopolelang bobe ka dipelong tsa lona?


Ba se ke ba utlwisisa polelo eo, empa ba tshaba ho mmotsa.


“Bana ba ka, ke sa tla ba le lona ka nakwana; le tla mpatla, mme jwalokaha ke ile ka bolella Bajuda, ka re: ‘Moo ke yang teng, le ke ke la tla,’ le ho lona ke rialo jwale.


Ho se ho se hokae, mme lefatshe ha le sa tla mpona, empa lona le a mpona, hobane ke a phela, le lona le tla phela.


“Kamora nakwana ha le sa tla mpona, empa kamora nakwana, le tla boela le mpona.”


Jwale ba re: “Ke ho reng ha a re: ‘Kamora nakwana’? Ha re tsebe seo a se bolelang.”


Mohlang oo ha le na ho mpotsa letho. Kannetenete, ke a le bolella hore eng kapa eng eo le e kopang ho Ntate ka lebitso la ka, o tla le nea yona.


Mohlang oo le tla kopa ka lebitso la ka, empa ha ke re ho lona ke tla le rapella ho Ntate,


Jwale re a tseba hore o tseba tsohle, mme ha ho hlokahale hore mang kapa mang a o botse; ka hona re dumela hore o tswa ho Modimo.”


A re ho yena kgetlo la boraro: “Simone, mora Johanne, na o a nthata na?” Petrose a swaba hobane a itse ho yena kgetlo la boraro: “Na o a nthata na,” mme a re ho yena: “Morena, o tseba tsohle, o a tseba hore ke a o rata.” Jesu a re ho yena: “Alosa dinku tsa ka!


Empa Jesu, ka ho tseba hore barutuwa ba hae ba dumaduma ka taba ena, a re ho bona: “Na hoo ho a le kgopisa?


Yaba Jesu o re: “Ke sa tla ba le lona nakwana, ebe ke ya ho ya nthomileng.


Ha ho sebopuwa se ka patehang pela hae; tsohle di pepeneneng, di bonahala mahlong a hae, yena eo re tla ikarabella ho yena.


Ke tla bolaya bana ba hae; dikereke tsohle di tla tseba hore ke nna ya bonang se ka mehopolong le ka dipelong tsa batho, mme ke putsa e mong le e mong wa lona ho ya ka mesebetsi ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ