Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 16:17 - BIBELE

17 Jwale ba bang ba barutuwa ba hae ba botsana, ba re: “Ke eng eo a re bolellang yona, ha a re: ‘Kamora nakwana ha le na ho mpona, empa kamora nakwana le tla boela le mpona?’ le ha a re: ‘Kahobane ke ya ho Ntate?’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Barutuwa ba hae ba bang ba botsana, ba re: Taba eo a re bolellang yona ke ya eng, ha a re: Ho se ho se hokae, mme ha le ka ke la mpona; hape, ho se ho se hokae, mme le tla boela le mpone; hape ha a re: Ke ya ho Ntate?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Yaba ba bang ba barutuwa ba hae ba bolellana, ba re: Taba eo a re bolellang yona ke efe, ha a re: Ho se ho se hokae, mme ha le ka ke la mpona; hape, ho se ho se hokae, mme le tla boela le mpone?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Yaba ba bang ba barutuwa ba hae ba bolellana, ba re: Taba eo a re bolellang yona ke efe, ha a re: Ho se ho se hokae, mme ha le ka ke la mpona; hape, ho se ho se hokae, mme le tla boela le mpone?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 16:17
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba mamela taelo eo, ba ntse ba ipotsa hore na ho tsoha bafung ke ho reng.


Ba se ke ba utlwisisa polelo eo, empa ba tshaba ho mmotsa.


Empa ha ba a ka ba utlwisisa letho la ditaba tsena; polelo ena e ne e ba siretse, ba sa utlwisise se bolelwang.


Empa ba ne ba sa utlwisise polelo eo, e ba siretse hore ba se ke ba e hlalohanya. Ba tshaba ho mmotsa ka tsa polelo eo.


Ho qaleng barutuwa ba hae ha ba a ka ba utlwisisa ditaba tsena, empa yare ha Jesu a se a tlotlisitswe, ba hopola hore ditaba tsena di ne di ngotswe ka yena, mme tsena ba mo entse tsona.


Judase, e seng Judase Isekariota, a re ho yena: “Morena, ho tla jwang hore ebe o se o tla iponahatsa ho rona, e seng ho lefatshe na?”


Thomase a re ho yena: “Morena, ha re tsebe moo o yang teng; tsela re ka e tseba jwang na?”


“Tsena ke di buile ho lona hore le se ke la kweneha.


“Kamora nakwana ha le sa tla mpona, empa kamora nakwana, le tla boela le mpona.”


Jwale ba re: “Ke ho reng ha a re: ‘Kamora nakwana’? Ha re tsebe seo a se bolelang.”


Jesu a tseba hore ba rata ho mmotsa, mme a re ho bona: “Na le botsana ka taba ee, hobane ke itse: ‘Kamora nakwana, ha le na ho mpona, empa kamora nakwana le tla boela le mpona?’


“Jwale ke ya ho ya nthomileng, mme ha ho le ya mong wa lona ya mpotsang, a re: ‘O ya kae?’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ