Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 15:20 - BIBELE

20 Hopolang polelo eo ke le boleletseng yona: ‘Mohlanka ha a moholo ho monga hae.’ Ha ba ntlhorisitse, le lona ba tla le hlorisa; ha ba bolokile lentswe la ka, le la lona ba tla le boloka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Hopolang lentswe leo ke le boleletseng lona, ha ke ne ke re: Mohlanka ha a moholo ho morena wa hae. Ha ba ntlhorisitse, ba tla le hlorisa le lona; ha ba bolokile lentswe la ka, ba tla boloka le la lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

20 Hopolang lentswe leo ke le boleletseng lona, ka re: Mohlanka ha a moholo ho morena wa hae. Haeba ba ntlhorisitse, le lona ba tla le hlorisa; ha ba bolokile lentswe la ka, ba tla boloka le la lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Hopolang lentswe leo ke le boleletseng lona, ka re: Mohlanka ha a moholo ho morena wa hae. Haeba ba ntlhorisitse, le lona ba tla le hlorisa; ha ba bolokile lentswe la ka, ba tla boloka le la lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 15:20
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa bana ba Iseraele ba ke ke ba o mamela, hobane le nna ha ba a ka ba mmamela. Bana ba Iseraele bohle ba thatafaditse dipelo, ba manganga.


“Morutuwa ha a kahodimo ho moruti wa hae, le lekgoba ha le kahodimo ho monga lona.


Ba re ho yena: “Re ka etsa.” Jesu a re ho bona: “Senwelo seo ke se nwang le tla se nwa, mme kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona, le tla kolobetswa ka yona.


Simeone a ba hlohonolofatsa, mme a re ho Maria, mmae: “Bona, ngwana enwa o baletswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng le ho ba pontsho e tlang ho hanyetswa,


Morutuwa ha a moholo ho moruti wa hae; e mong le e mong ya rutehileng o tla ba jwaloka moruti wa hae.


Bajuda ba boela ba thonaka majwe ho mo tlepetsa.


Baprista ba baholo le Bafarisi ba ne ba laetse hore ha e mong a ka tseba moo a leng teng, a bolele, ba tle ba mo tshware.


Kannetenete, ke a le bolella, mohlanka ha a moholo ho monga hae, le moromuwa ha a moholo ho ya mo romileng.


Ka baka leo, Bajuda ba hlorisa Jesu kahobane a entse tsena ka Sabatha.


Bafarisi ba utlwa letshwele le dumaduma tse jwalo ka Jesu, mme baprista ba baholo le Bafarisi ba roma bahlanka ho mo tshwara.


Kannetenete, ke a le bolella, ha motho a boloka lentswe la ka, ha a ka ke a shwa le ka mohla.”


Bajuda ba re ho yena: “Jwale re a tseba hore o na le modemona. Aborahama o shwele, le baporofeta ba shwele, empa o re: ‘Ha motho a boloka lentswe la ka, ha a ka ke a shwa le ka mohla.’


Yaba ba nka majwe ho mmetsa ka wona, empa Jesu a tswa ka Tempeleng, a ipata.


Ba matlafatsa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothaletsa ho tiisetsa tumelong, ba re: “Eka kgona re kene Mmusong wa Modimo ka ho feta hara matshwenyeho a mangata.”


Re sebetsa ka thata ka matsoho a rona. Ha ba re hlapaola, re a ba hlohonolofatsa; ha ba re hlorisa, re a mamella;


re a hloriswa, empa ha re furallwe ke bohle; re ratlanngwa fatshe, empa ha re shwe.


Bajuda ke bona ba ileng ba bolaya Morena Jesu le baporofeta, mme le rona ba re hlorisitse haholo. Ha ba kgahlise Modimo, mme ba hanyetsana le batho bohle.


Efela bohle ba ratang ho phela ho Kreste Jesu ka borapedi, ba tla hloriswa.


Morena a re ho Samuele: “O mamele tsohle tseo setjhaba se di buang ho wena, hobane hase wena eo se mo lahlang; se mpa se lahla nna, hore ke se ke ka se busa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ