Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 14:9 - BIBELE

9 Jesu a re ho yena: “Ke bile le lona nako e kaakaale, empa ha o a ka wa ntseba, Filipi? Ya mponeng o bone Ntate; o bolela jwang ha o re: ‘Re bontshe Ntate’?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Jesu a re ho yena: Ke dutse le lona nako e kalo, mme ha o a ka wa ntseba, Filipi, na? Ya mponeng o bone Ntate, mme o ka rialo jwang, ha o re: Re bontshe Ntate?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

9 Jesu a re ho yena: Ke dutse le lona nako e kalo, mme ha o a ka wa ntseba, Filipi? ya mponeng o bone Ntate; mme o bolela jwang ha o re: Re bontshe Ntate?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Jesu a re ho yena: Ke dutse le lona nako e kalo, mme ha o a ka wa ntseba, Filipi? ya mponeng o bone Ntate; mme o bolela jwang ha o re: Re bontshe Ntate?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 14:9
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Abimeleke o bitsa Isaka, o re: “Ha ke re eo ke mosadi wa hao? Ke hobaneng ha o ile wa re ke kgaitsedi ya hao?” Isaka a mo araba, a re: “Ke hobane ke ile ka nahana hore mohlomong ka baka la hae ke tla tshoha ke bolawa.”


Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Ke tshabela ho Morena. Keng ha le re ho nna: “Balehela thabeng jwaloka nonyana?”


“O ka bua jwang, wa re: ‘Ha ke a silafala; ha ke a ka ka petlapetla kamora bo-Baale?’ Hlahloba boitshwaro ba hao ba ka kgohlong, o nahane seo o ileng wa se etsa! O tshwana le kamele e palesitse, e parakanya, e kgaohanya tsela tsa yona;


A ba araba, a re: “A moloko o sa dumeleng! Ke tla ba le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neneng? Mo tliseng ho nna!”


Baikaketsi ting! Le tseba ho hlalohanya sebopeho sa lefatshe le sa lehodimo, mme ho tla jwang hore le se tsebe ho hlalohanya nako ee?”


Lentswe ya eba motho, la aha hara rona, mme ra bona tlotla ya lona, e tletseng mohau le nnete, tlotla e kang eo Mora ya tswetsweng a nnotshi a e fumaneng ho Ntate.


Mohlang oo le tla tseba hore ke ka ho Ntate, mme lona le ka ho nna, le nna ke ka ho lona.


Ha le ntseba, le Ntate le a mo tseba. Ho tloha jwale le a mo tseba, le bile le mmone.”


Jwale ba re ho yena: “Ntatao o kae?” Jesu a araba, a re: “Ha le ntsebe, le Ntate ha le mo tsebe; hoja le ne le ntseba, le Ntate le ka be le mo tseba.”


Erekaha molaetsa wa rona o bolela hore Kreste o tsohile bafung, ba bang ba lona ba ka bolela jwang hore tsoho ya bafu ha e yo?


Yena, o ne a ena le boleng ba Modimo, mme o ne a sa hopole hore o iphamolela letho ha a re, o lekana le Modimo,


Kreste ke setshwantsho sa Modimo ya sa bonweng. Ke yena Letsibolo, ya bileng teng pele ho tsohle tse hlodilweng.


Mora o kganya ka tlotla ya Modimo, ke setshwantsho sa boleng ba Modimo, mme tsohle o di boloka ka lentswe la hae le matla. Hoba a re hlwekise dibe, a ya dula ka letsohong le letona la Ya Hodimodimo, mahodimong.


Hape re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe Modimo wa nnete. Re phela ka ho Modimo wa nnete, ka ho Mora wa hae, Jesu Kreste. Yena ke Modimo wa nnete, ke bophelo bo sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ