Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 14:31 - BIBELE

31 empa lefatshe le tshwanetse ho tseba hore ke rata Ntate, mme ke etsa jwalokaha Ntate a ntaetse. Emang, a re tloheng mona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Empa hore lefatshe le tsebe hobane ke rata Ntate, le hoba ke etsa kamoo Ntate a ntaetseng kateng, emang, a re tloheng mona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

31 Empa hore lefatshe le tsebe hoba ke rata Ntate; mme jwalokaha Ntate a ntaetse, ke etsa jwalo. Tsohang, re tlohe mona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

31 Empa hore lefatshe le tsebe hoba ke rata Ntate; mme jwalokaha Ntate a ntaetse, ke etsa jwalo. Tsohang, re tlohe mona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 14:31
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke moo ke ileng ka re: “Bona, ke a tla. Ho ngotswe ka nna Bukeng ya Molao:


Morena Modimo o nthibolotse ditsebe, ha ke a ka ka hanyetsa, kapa ka tjhetjha ka santhao.


A ya pejana, a itihela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: “Ntate, haeba ho ka etsahala, senwelo sena a se ke se mphete, empa ho be kamoo ho ratang wena kateng, e seng nna.”


Tsohang, a re yeng; ya nkekang ke enwa, o se a atametse.”


Empa ke na le kolobetso eo ke lokelang ho kolobetswa ka yona, mme ke tla tshwenyeha hakaakang ho fihlela ha e phethehile!


Ha ho ya nkamohang bona, empa ke bo tela ka ho rata. Ke na le tokelo ya ho bo tela, ke na le tokelo ya ho bo fumana hape; taelo ena ke e amohetse ho Ntate.”


“Jwale moya wa ka o ferekane. Ke tla reng? Na ke tla re: ‘Ntate, o mpholose nakong ena?’ Empa ke ka lebaka lena ke fihletsweng ke nako ena.


hobane ha ke a ka ka bua ka bonna, empa Ntate ya nthomileng o nneile taelo ya seo ke tla se bolela le ya seo ke tla se bua.


E ne e le pele ho mokete wa Paseka. Jesu o ne a tseba hore nako ya hae ya ho tloha lefatsheng lena, a eya ho Ntatae, e fihlile. O ne a ratile ba hae ba lefatsheng, mme a nna a ba rata ho isa qetellong.


“Jwalokaha Ntate a nthatile, le nna ke le ratile jwalo; dulang leratong la ka.


Empa Jesu a re ho Petrose: “Busetsa sabole selateng; na ha nka ke ka nwa senwelo seo Ntate a nneileng sona na?”


Jesu a re ho bona: “Sejo sa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae.


O ile a inyenyefatsa, ya eba ya mamelang ho isa lefung, le hona lefu la sefapano.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ