Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 14:24 - BIBELE

24 Ya sa nthateng ha a boloke mantswe a ka, mme lentswe leo le le utlwang hase la ka, empa ke la Ntate ya nthomileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ya sa nthateng, ha a boloke mantswe a ka; mme lentswe leo le le utlwang, hase la ka, empa ke la Ntate ya nthomileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

24 Ya sa nthateng ha a boloke dipolelo tsa ka, mme lentswe leo le le utlwang hase la ka, empa ke la Ntate ya nthomileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Ya sa nthateng ha a boloke dipolelo tsa ka, mme lentswe leo le le utlwang hase la ka, empa ke la Ntate ya nthomileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 14:24
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jesu a araba, a re ho yena: “Haeba o batla ho phetheha, eya, o rekise maruo a hao, o abele mafutsana tjhelete eo, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; jwale o tle, o ntatele.”


Na ha o dumele hore ke ka ho Ntate, le Ntate o ka ho nna na? Dipolelo tseo ke le bolellang tsona, ha ke di bolele di etswa ho nna, empa Ntate ya dulang ka ho nna o etsa mesebetsi ya hae.


“Haeba le a nthata, le tla boloka ditaelo tsa ka.


“Ke buile tsena ho lona ke sa ntse ke ena le lona,


Kannetenete ke a o bolella: Re bua seo re se tsebang, mme re paka seo re se boneng, empa ha le amohele bopaki ba rona.


Eo Modimo a mo romileng o bolela dipolelo tsa Modimo, hobane Modimo o fana ka Moya ho se tekanyetso.


Jesu a boela a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella, Mora a ke ke a etsa letho ka boyena, haese seo a bonang Ntatae a se etsa, hobane eng le eng eo Ntatae a e etsang, le Mora o a e etsa.


mme lentswe la hae ha le dule ka ho lona, kahobane ha le dumele eo a mo romileng.


Jesu a ba araba, a re: “Thuto ya ka hase ya ka, empa ke ya ya nthomileng;


Jwale Jesu a phahamisa lentswe, a ruta ka Tempeleng, a re: “Le a ntseba, le tseba le moo ke tswang teng; ha ke a tla ka bonna, empa ya nthomileng ke wa nnete, eo le sa mo tsebeng.


Ke na le tse ngata tseo nka di buang ka lona le ho le ahlola, empa ya nthomileng ke wa nnete, mme tseo ke di utlwileng ho yena, ke di bua lefatsheng.”


Jesu a re: “Ha le se le phahamisitse Mora Motho, ke hona le tla tseba hore e ntse e le nna, le hore ha ke etse letho ka bonna, empa ke bua ditaba tsena jwalokaha Ntate a nthutile tsona.


Ke bua seo ke se boneng ho Ntate; lona le etsa seo le se utlwileng ho ntata lona.”


Jesu a re ho bona: “Ha Modimo e ne e le Ntata lona, le ka be le nthata, hobane ke tlile ke etswa ho Modimo; ha ke a tla ka bonna, empa ke yena ya nthomileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ