Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 14:16 - BIBELE

16 Ke tla kopa Ntate, mme o tla le nea Mothusi e mong, hore a be le lona ka ho sa feleng,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Mme ke tla rapela Ntate, mme o tla le nea Moemedi e mong, a tle a dule le lona ka ho sa feleng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

16 Ke tla rapela Ntate, mme o tla le nea Moemedi e mong, hore a dule le lona ka ho sa feleng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Ke tla rapela Ntate, mme o tla le nea Moemedi e mong, hore a dule le lona ka ho sa feleng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 14:16
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.”


Ha le kopa eng kapa eng ka lebitso la ka, ke tla e etsa.”


Ha ke na ho le siya le le dikgutsana, ke tla tla ho lona.


empa Mothusi, Moya o Halalelang oo Ntate a tla o romela lebitsong la ka, yena o tla le ruta tsohle, a le hopotse tsohle tseo ke le boleletseng tsona.


“Ha Mothusi eo ke tla mo romela ho lona a tlile a etswa ho Ntate, Moya wa nnete o tswang ho Ntate, o tla mpaka,


Efela le lona le swabile hajwale, empa ke tla boela ke le bona, mme pelo tsa lona di tla thaba; ha ho ya tla le amoha thabo ya lona.


Ha ke rapele hore o ba tlose lefatsheng, empa e le hore o ba sireletse ho E Mobe.


“Ha ke rapelle bona feela, empa ke rapella le ba dumelang ho nna ka lentswe la bona,


athe mang le mang ya nwang metsi ao ke tla mo fa wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla, empa metsi ao ke tla mo fa wona a tla fetoha ka ho yena sediba sa metsi a kopoletsang bophelong bo sa feleng.”


A bolela hona a lekanya Moya oo ba dumetseng ho yena ba neng ba se ba tla o amohela; kaha Moya o ne o eso be teng, hobane Jesu a ne a eso tlotliswe.


Yare ha a ena le bona, a ba laela, a re: “Le se ke la ba la tloha Jerusalema, le mpe le emele seo le se tshepisitsweng ke Ntate, seo le se utlwileng ka nna.


Ha e le barutuwa bona ba tlala thabo le Moya o Halalelang.


Kereke ya eba le kgotso Judea yohle, le Galelea, le Samaria; ya bopeha, ya phela ka ho tshaba Morena, mme ya anafala ka kgothatso ya Moya o Halalelang.


Mmuso wa Modimo hase taba ya dijo le dino, empa ke taba ya ho loka, ya ho ba le kgotso, le ya ho thabiswa ke Moya o Halalelang.


Jwale Modimo ya re fang tshepo a ke a le tlatse ka thabo yohle le ka kgotso ka baka la ho dumelo ho yena, hore le tle le atelwe ke tshepo ka matla a Moya o Halalelang.


mme tshepo eo ha e swabise, hobane dipelo tsa rona di tlatsitswe lerato la Modimo ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.


Ke mang ya ka ba ahlolang, athe Kreste Jesu o ile a shwa, a ba a tsoha bafung, yena ya leng ka letsohong le letona la Modimo, ya bileng a re rapellang?


Empa se bewang ke Moya ke lerato, thabo, kgotso, mamello, mosa, molemo, botshepehi,


Haeba ho Kreste le fumana matshediso, le kgothatso e tswang leratong, le phedisano le Moya o Halalelang, le mohau, le kutlwelobohloko,


Morena wa rona Jesu Kreste ka sebele, le Modimo Ntata rona ya re ratileng, eo mohaung wa hae a re fileng tshediso e sa feleng le tshepo e tiileng,


Ka hona o na le matla a ho pholosa ka ho tlala bohle ba tlang ho Modimo ka yena, kaha a phela kamehla ho ba buella.


Bana ba ka, ke le ngolla tsena hore le tle le se ke la etsa sebe. Empa haeba motho a ka etsa sebe, re na le mmuelli ya re buellang ho Ntate: ke Jesu Kreste, ya lokileng.


Empa lona le amohetse Moya o Halalelang ho yena, o ntseng o phela ka ho lona, mme ha le hloke ho rutwa ke mang kapa mang. Erekaha Moya o Halalelang o le ruta tsohle, e leng nnete, e seng leshano, phelang ka ho Kreste, jwalokaha Moya o le rutile.


Ke ba rata ka baka la nnete e ka ho rona, e tla nne e be ka ho rona kamehla yohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ