Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 14:12 - BIBELE

12 Kannetenete, ke a le bolella, ya dumelang ho nna, le yena o tla etsa mesebetsi eo ke e etsang, a etse le e fetang ena, hobane ke ya ho Ntate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Kannetenete ke re ho lona: Ya dumelang ho nna, mesebetsi eo ke e etsang, o tla e etsa le yena, o tla etsa le e fetisang ena, kahobane ke ya ho Ntate;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

12 Kannetenete ke re ho lona: Ya dumelang ho nna, mesebetsi eo ke e etsang o tla e etsa le yena; mme o tla etsa mesebetsi e meholo ho ena; hobane ke ya ho Ntate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Kannetenete ke re ho lona: Ya dumelang ho nna, mesebetsi eo ke e etsang o tla e etsa le yena; mme o tla etsa mesebetsi e meholo ho ena; hobane ke ya ho Ntate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 14:12
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jesu a ba araba, a re: “Ruri ke a le bolella hore haeba le ena le tumelo, le sa belaele, ha le na ho etsa feela se entsweng sefateng sa feiye, empa leha le ka re ho thaba ena: ‘Sutha, o yo wela lewatleng,’ hoo ho tla etsahala,


A sa le hole, a bona sefate sa feiye se nang le mahlaku, mme a ya sheba hore na a ke ke a fumana ho hong ho sona. Empa ha a fihla ho sona, a se ke a fumana letho haese mahlaku feela, hobane e ne e se nako ya difeiye.


Dipontsho tse tla felehetsa ba dumetseng ke tsena he: Ba tla leleka bademona ka lebitso la ka, ba bue dipuo tse ntjha,


“Le utlwile hore ke le boleletse, ka re: ‘Ke a ya, mme ke tla kgutlela ho lona.’ Haeba le ne le nthata, le ka be le thabile, hobane ke ya ho Ntate, kaha Ntate o moholo ho nna.


Empa ke le bolella nnete: Ho molemo ho lona hore ke ye, hobane ha ke sa ye, Mothusi a ke ke a tla ho lona; athe ha ke eya, ke tla mo romela ho lona.


Ke moo polelo ena e tla netefala: E mong o a jala, e mong o a kotula.


Ntate o rata Mora, o mmontsha tsohle tseo a di etsang, mme o tla mmontsha mesebetsi e meholo ho feta ena, hore le tle le makale.


Yaba Jesu o re: “Ke sa tla ba le lona nakwana, ebe ke ya ho ya nthomileng.


A bolela hona a lekanya Moya oo ba dumetseng ho yena ba neng ba se ba tla o amohela; kaha Moya o ne o eso be teng, hobane Jesu a ne a eso tlotliswe.


hobane ba ne ba utlwa ba bua dipuopuo, ba tlotlisa Modimo. Jwale Petrose a re:


La etsa hona ka matsatsi a mangata. Empa Paulosi ha a se a tenehile, a reteleha, a re ho moya oo: “Ke o laela ka lebitso la Jesu Kreste hore o tswe ho yena!” Wa tswa ka yona nako eo.


hoo ha dituku kapa diforesekoto tse amileng mmele wa hae di ne di bewa hodima bakudi, malwetse a ne a ye a fole, le meya e mebe e tswe ho bona.


O phahamisitswe ka letsoho le letona la Modimo, a amohela Moya o Halalelang jwalokaha Ntatae a ne a tshepisitse. A o theola kamoo le bonang, mme le utlwang kateng.


Ba ileng ba dumela molaetsa wa hae, ba kolobetswa, mme ka lona letsatsi leo badumedi ba eketseha ka ba ka bang dikete tse tharo.


ba re: “Banna baa re tla ba etsa jwang? Baahi bohle ba Jerusalema ba tseba hore mohlolo o tumileng o entswe ke bona, mme re ke ke ra o latola.


Baapostola ba paka tsa tsoho ya Morena Jesu ka matla a maholo, mme bohle ba thahasellwa haholo.


Empa ba bangata ba utlwileng lentswe la Modimo ba dumela, mme palo ya batho bao e ne e ka ba dikete tse hlano.


Batho ba ne ba tlisa bakudi ditseleng, ba ba beile dibetheng, le diphateng, e le hore ha Petrose a feta, seriti sa hae bonyane se mpe se sire ba bang ba bona.


Lentswe la Modimo la anafala, le palo ya barutuwa ya ngatafala haholo Jerusalema, le sehlophahadi sa baprista sa amohela tumelo.


Ba bangata ba ne ba ena le meya e ditshila; ya tswa ho bona e bokolla haholo. Le ba bangata ba ba shweleng ditho le ba diritsa ba fodiswa.


Petrose a re ho yena: “Enea, Jesu Kreste o a o fodisa; tsoha o alole diphate tsa hao.” A tsoha hanghang.


Hoba Petrose a ntshetse bohle kantle, a kgumama, a rapela; a ntano retelehela setopong, a re: “Tabitha, tsoha!” Tabitha a tutuboloha, mme ha a bona Petrose, a dula.


Tsena di tlile ka matla a mehlolo le a dimakatso, ka matla a Moya wa Modimo. Ka tsela eo ke phatlaladitse molaetsa o molemo wa Kreste ka botlalo, ho tloha Jerusalema, ke potoloha, ke ya fihla Ilorikone.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ