Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 14:10 - BIBELE

10 Na ha o dumele hore ke ka ho Ntate, le Ntate o ka ho nna na? Dipolelo tseo ke le bolellang tsona, ha ke di bolele di etswa ho nna, empa Ntate ya dulang ka ho nna o etsa mesebetsi ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Na ha o dumele hobane ke ho Ntate, le hobane Ntate o ho nna? Mantswe ao ke le bolellang wona, ha ke a bolele ke nnotshi; mme Ntate ya dutseng ho nna, ke yena ya etsang mesebetsi eo ke e etsang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

10 Na ha o dumele hore ke ho Ntate, le hore Ntate o ho nna? mantswe ao ke le bolellang wona, ha ke a bue ka bonna, empa Ntate ya dutseng ka ho nna, ke yena ya etsang mesebetsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Na ha o dumele hore ke ho Ntate, le hore Ntate o ho nna? mantswe ao ke le bolellang wona, ha ke a bue ka bonna, empa Ntate ya dutseng ka ho nna, ke yena ya etsang mesebetsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 14:10
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

empa ha ke e etsa, leha le sa ntumele, dumelang mesebetsi, hore le hlalohanye, mme le nne le tsebe hore Ntate o ka ho nna, le nna ke ka ho Ntate.”


Mang le mang ya phelang, mme a dumela ho nna, ha a ka ke a shwa le ka mohla o le mong; na o dumela hona na?”


hobane ha ke a ka ka bua ka bonna, empa Ntate ya nthomileng o nneile taelo ya seo ke tla se bolela le ya seo ke tla se bua.


Ntumeleng ha ke re ke ka ho Ntate, le Ntate o ka ho nna; ha le sa ntumele, dumelang ka baka la yona mesebetsi eo.


Mohlang oo le tla tseba hore ke ka ho Ntate, mme lona le ka ho nna, le nna ke ka ho lona.


Ya sa nthateng ha a boloke mantswe a ka, mme lentswe leo le le utlwang hase la ka, empa ke la Ntate ya nthomileng.


hobane mantswe ao o nneileng wona, ke ba neile wona. Ba a amohetse, ba tsebile kannete hore ke tswa ho wena, mme ba dumetse hore o nthomile.


A tla ho Jesu bosiu, a re ho yena: “Rabbi, re a tseba hore o moruti ya tswang ho Modimo, hobane ha ho ya ka etsang mehlolo ena eo o e etsang, ha Modimo a se na le yena.”


Empa Jesu a ba araba, a re: “Ntate o ntse a sebetsa ho fihlela jwale, mme le nna ke a sebetsa.”


Jesu a boela a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella, Mora a ke ke a etsa letho ka boyena, haese seo a bonang Ntatae a se etsa, hobane eng le eng eo Ntatae a e etsang, le Mora o a e etsa.


Jesu a ba araba, a re: “Thuto ya ka hase ya ka, empa ke ya ya nthomileng;


Jesu a re: “Ha le se le phahamisitse Mora Motho, ke hona le tla tseba hore e ntse e le nna, le hore ha ke etse letho ka bonna, empa ke bua ditaba tsena jwalokaha Ntate a nthutile tsona.


Ke bua seo ke se boneng ho Ntate; lona le etsa seo le se utlwileng ho ntata lona.”


empa jwale le batla ho mpolaya, ke le motho ya le boleletseng nnete eo ke e utlwileng ho Modimo; hona Aborahama ha a ka a ho etsa.


kamoo Modimo a neng a tlotse Jesu wa Nasaretha kateng, ka Moya o Halalelang le ka matla. Jesu a tsamaya hohle a ntse a etsa tse molemo, a fodisa ba neng ba hateletswe ke Diabolosi, hobane Modimo o ne a ena le yena.


Seo ke se bolelang ke hore Modimo o ile a boelanya batho bohle ba lefatshe le yena ka Kreste, ka ho ba leballa dibe tsa bona, le ka ho re nea mosebetsi wa ho ba boelanya le yena.


Ho kgahlile Modimo hore Kreste a be le bomodimo ka ho tlala,


Bomodimo bohle, ka ho tlala ha bona, bo ahile ho yena, bothong ba hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ