Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 13:31 - BIBELE

31 Ha Judase a se a tswile, Jesu a re: “Jwale Mora Motho o tlotlisitswe, mme Modimo o tlotlisitswe ka yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Yare ha Judase a tswile, Jesu a re: Jwale, Mora motho o tlotlisitswe, mme Modimo o tlotlisitswe ka yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

31 Yare ha a tswile, Jesu a re: Jwale, Mora motho o tlotlisitswe, mme Modimo o tlotlisitswe ka yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

31 Yare ha a tswile, Jesu a re: Jwale, Mora motho o tlotlisitswe, mme Modimo o tlotlisitswe ka yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 13:31
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jesu a re ho sona: “Diphokojwe di na le mesima, dinonyana tse fofang di na le dihlaha, empa Mora Motho ha a na moo a ka samelang hlooho teng.”


Empa ke na le kolobetso eo ke lokelang ho kolobetswa ka yona, mme ke tla tshwenyeha hakaakang ho fihlela ha e phethehile!


Yare ha Jesu a utlwa, a re: “Ho kula hona ha ho ise lefung, empa ho isa tlotlisong ya Modimo, hore Mora wa Modimo a tlotliswe ka hona.”


Jesu a ba araba, a re: “Nako e fihlile ya hore Mora Motho a tlotliswe.


Ntate, tlotlisa lebitso la hao!” Yaba ho tswa lentswe lehodimong, le re: “Ke le tlotlisitse, mme ke sa tla le tlotlisa hape.”


Eng le eng eo le e kopang ka lebitso la ka, ke tla e etsa, hore Ntate a tlotliswe ka Mora.


Yena o tla ntlotlisa, hobane o tla nka ho tsa ka, a le tsebise tsona.


A bolela hona a lekanya Moya oo ba dumetseng ho yena ba neng ba se ba tla o amohela; kaha Moya o ne o eso be teng, hobane Jesu a ne a eso tlotliswe.


“Ka baka leo, ntlo yohle ya Iseraele e ke e tsebisise hore Jesu enwa, eo lona le mo thakgisitseng, Modimo o mo entse Morena le Mesia.”


Modimo wa Aborahama, le wa Isaka, le wa Jakobo, Modimo wa bo-ntata rona, o tlotlisitse mohlanka wa hae, Jesu, eo lona le neelaneng ka yena, la mo hana kapele ho Pilato, ha yena a ne a rerile ho mo lokolla.


Rona bohle, jwaloka seiponeng, re bonahatsa tlotla ya Morena ka difahleho tse kgurumolotsweng, mme yona tlotla eo, e tswang ho Morena e leng Moya, e re fetola hore re tshwane le yena; re ntse re atelwa ke tlotla hoyahoile.


e le hore ka rona, bao re bileng ba pele ho tshepa Kreste, ho tle ho bonahatswe tlotla ya Modimo.


Hona o ho entse hore mehleng e tlang a tle a bonahatse mohau wa hae o moholo ka ho fetisisa, ka mosa oo a re etseditseng wona ho Kreste Jesu,


e le hore kajeno, ka kereke, meya e busang, le e laolang sebakeng, e tle e tsebe bohlale ba Modimo ka mefuta yohle ya bona.


mme maleme wohle a tle a bolele hore “Jesu Kreste ke Morena,” e be tlotliso ho Modimo Ntate.


Ke ka yena le dumelang ho Modimo ya mo tsositseng bafung, a ba a mo nea tlotla, e le hore tumelo le tshepo ya lona di tle di be ho Modimo.


Le be le metsamao e metle hara bahedene, e tle ere ha ba bona mesebetsi ya lona e metle, ba tlotlise Modimo mohla letsatsi la kahlolo, le hoja jwale ba ntse ba le bua hampe, ba re le etsa tse mpe.


Ya buang a bue tsa Modimo; ya sebeletsang a sebeletse ka matla ao a a filweng ke Modimo; e le hore Modimo a tle a tlotliswe dinthong tsohle ka Jesu Kreste, eo tlotla le matla e leng tsa hae kamehla le mehla. A ho be jwalo!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ