Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 12:29 - BIBELE

29 Letshwele le neng le eme moo, ha le utlwa, la re ke letolo. Ba bang ba re: “Lengeloi le buile le yena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Bongata bo emeng moo, hobane bo utlwe, ba re: Le dumile. Ba bang ba re: Lengeloi le buile le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

29 Batho ba emeng teng, ba utlwa, ba re ho a duma; ba bang ba re: Lengeloi le buile le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 Batho ba emeng teng, ba utlwa, ba re ho a duma; ba bang ba re: Lengeloi le buile le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 12:29
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Na tsoho la hao le tshwana le la Modimo, hoo o ka kirietsang ka ntswe le kang la hae?


Ka letsatsi la boraro, e sa le hoseng, ha eba teng diaduma le mahadima, le leru le letsho hodima thaba, le modumo o moholo wa lenaka; setjhaba sohle se diahelong sa thothomela.


Setjhaba sohle se ne se utlwa diaduma, le modumo wa lenaka; se bona mahadima le thaba e foqohang mosi, mme sa thothomela, sa emella hole.


Modumo wa mapheo a dikerubime o ne o utlwahala ho ya fihla lebaleng le kantle, o tshwana le lentswe la Modimo ya matla wohle ha a bua.


Jwale banna ba tsamayang le yena ba ema tlekelele! kaha ba ne ba fela ba utlwile lentswe, empa ba sa bone motho.


Yaba ho bulwa tempele ya Modimo e lehodimong, mme ha bonahala areka ya selekane ka ho yona. Ha eba teng mahadima, le medumo, le letolo, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se dinaka.


Ka utlwa modumo o tswang lehodimong, o kang modumo wa metsi a lewatle, o kang modumo o tshabehang wa letolo. Modumo oo ke ileng ka o utlwa e ne e ka wa baletsi ba diharepa, ba letsang diharepa tsa bona.


Jwale ka bona ha Konyana e kgomarolla sebitielo sa pele sa dibitielo tse supileng, mme ka utlwa se seng sa dibopuwa tse phelang, se bua ka lentswe le kang modumo wa letolo, se re: “Tloo!”


Yaba lengeloi le nka pitsa eo ho tjhesetswang mokubetso ka ho yona, le e tlatsa ka mollo o tswang aletareng, mme le e akgela lefatsheng. Ha eba le letolo, le medumo, le mahadima, le tshisinyeho ya lefatshe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ