Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 11:53 - BIBELE

53 Ho tloha ka letsatsi leo ba rera ho mmolaya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

53 Ho qala mohlang oo, ba rera hammoho hore ba tle ba mmolaye.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

53 Joale ho tloha letsatsing leo ho ea pele ba rera hammoho ho mo bolaea.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

53 Joale ho tloha letsatsing leo ho ea pele ba rera hammoho ho mo bolaea.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 11:53
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba mmona a sa le hole, mme yare a eso atamele ho bona ba rera ho mmolaya.


Ka ba kgalemela, ka re: “Le roballang kantle ho lerako? Ha le ka la boela la etsa jwalo, ke tla le isa letsoho.” Ho tloha tsatsing leo, ha ba a ka ba hlola ba etla ka Sabatha.


Ho tloha mohlang oo, halofo ya bahlanka ba ka ya nna ya sebetsa, empa halofo e nngwe yona ya dula e hlometse ka marumo, le ka dithebe, le ka diqha, e apere diaparo tsa ntwa, tse entsweng ka tshepe. Babusi ba ne ba eme kamora setjhaba sohle sa Juda,


Ho bokwe lebitso la Morena, ho tloha jwale le kamehla yohle.


Dikgosi tsa lefatshe di eme ka maoto; babusi, ba le mmoho, ba rera Morena le Motlotsuwa wa hae, ba re:


Ha ke sa hopolwa; jwalokaha eka ke mofu, ke tshwana le ntho e lahlilweng.


hobane dira tsa ka di bua ka nna, ba ntaletseng ba a nthera,


Yaba Jeremia o re ho Sedekiya: “Na ha ke o bolella tsohle, ha o na ho mpolaya? Na ha ke o eletsa o tla mmamela?”


Ka baka leo, mahosana a re ho kgosi: “Re kopa hore monna enwa a bolawe, hobane o nyahamisa dipelo tsa bahlabani ba setseng motseng ona, le dipelo tsa setjhaba ka ho bua dipuo tse kang tsena. Monna enwa ha a lakaletse setjhaba sena boiketlo, o se lakaletsa bobe.”


Bafarisi ba tswa, ba rera kamoo ba ka bolayang Jesu kateng.


Ho tloha ka nako eo Jesu a qala ho qaqisetsa barutuwa ba hae hore eka kgona a ye Jerusalema, a yo hlokofatswa haholo ke baholo, le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme ka tsatsi la boraro a tsoswe bafung.


Ha ho ya ileng a tseba ho mo araba, mme ho tloha tsatsing leo ha ho ya kileng a ba sebete ho mmotsa hape.


mme ba rera ho tshwara Jesu ka mano le ho mmolaya.


Baprista ba baholo le lekgotla lohle ba batla bopaki ba leshano bo ka tswang Jesu hore ba tle ba mmolaye,


Ho ne ho setse matsatsi a mabedi pele ho Paseka le mokete wa bohobe bo sa lomoswang. Baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba ne ba batla mokgwa wa ho tshwara Jesu ka mano, ba tle ba mmolaye,


Bafarisi ba tswa, mme hanghang ba rera le balatedi ba Heroda kamoo ba ka bolayang Jesu kateng.


Jwale baprista ba baholo le Bafarisi ba bitsa lekgotla, ba re: “Re tla etsang ha e le moo monna eo a etsa mehlolo e mengata?


Baprista ba baholo ba rera hore le yena Lasaro a bolawe,


Kamorao ho tsena Jesu a tsamaya Galelea; o ne a sa rate ho tsamaya Judea, hobane Bajuda ba ne ba batla ho mmolaya.


Ha lekgotla le utlwa, la hlabeha haholo, mme la rera ho ba bolaya.


Ha ho fetile matsatsi a mangata, Bajuda ba rera ho bolaya Saule,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ