Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 11:27 - BIBELE

27 A re ho yena: “E, Morena; ke a dumela hore o Kreste, Mora wa Modimo, ya tlang lefatsheng.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Yena a re ho Jesu: E, Morena, ke a dumela hobane ke wena Kreste, Mora wa Modimo, eo ho itsweng, o tla tla lefatsheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

27 A re ho yena: E, Morena, ke dumela hore o Kreste, Mora wa Modimo, ya tlang lefatsheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 A re ho yena: E, Morena, ke dumela hore o Kreste, Mora wa Modimo, ya tlang lefatsheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 11:27
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Bona, ke tla romela leqosa la ka ho ntokisetsa tsela. Morena eo le mmatlang o tla kena ka Tempeleng ya hae a sa lebellwa. Moromuwa eo le mo lebeletseng o a tla, a phatlalatse selekane sa ka,” ho rialo Morena wa mabotho.


ho mmotsa: “Na ke wena ya tlang, kapa re lebelle e mong?”


Simone Petrose a araba, a re: “O Kreste, Mora wa Modimo ya phelang.”


Yaba o laya barutuwa ba hae hore ba se ke ba bolella motho hore ke yena Kreste.


Kajeno, motseng wa Davida, le tswaletswe Mopholosi, e leng Kreste Morena.


Nathanaele a mo araba, a re: “Rabbi, o Mora wa Modimo, o Kgosi ya Iseraele.”


Ba re ho mosadi: “Ha e sa le ka baka la puo ya hao feela re dumelang; re ikutlwetse ka borona, mme re a tseba hore ruri monna enwa ke Mopholosi wa lefatshe.”


Jwale ha batho ba bona mohlolo oo a o entseng, ba re: “Kannete enwa ke yena moporofeta ya lokelang ho tla lefatsheng.”


rona re dumetse, mme re tsebile hore o Ya Halalelang wa Modimo.”


Ha ba ntse ba tsamaya tseleng, ba fihla moo metsi a leng teng, mme lehaole la re: “Metsi ke ana! Nka thibelwa keng hore ke kolobetswe?”


Filipi a re: “Haeba o dumela ka pelo ya hao yohle, hoo ho ka etswa.” La araba, la re: “Ke a dumela hore Jesu Kreste ke Mora wa Modimo.”


Mang le mang ya dumelang hore Jesu ke Kreste o tswetswe ke Modimo, mme mang le mang ya ratang motswadi, o rata le tswala ya hae.


Hape re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe Modimo wa nnete. Re phela ka ho Modimo wa nnete, ka ho Mora wa hae, Jesu Kreste. Yena ke Modimo wa nnete, ke bophelo bo sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ