Johanne 11:19 - BIBELE19 Bajuda ba bangata ba ne ba tlile ho Maretha le Maria, ho ba tshedisa ka kgaitsedi ya bona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)19 Bajuda ba bangata ba ne ba tlile ho Maretha le ho Maria, ho ba tshedisa bakeng sa ho shwa ha kgaitsedi ya bona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Baasraak Sotho NT19 Bajuda ba bangata ba ne ba tlile ho Maretha le Maria ho ba tšelisa mabapi le khaitseli ea bona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Contemporary Southern Sotho Bible 202419 Bajuda ba bangata ba ne ba tlile ho Maretha le Maria ho ba tšelisa mabapi le khaitseli ea bona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ha metswalle e meraro ya Jobo, e leng Elefase ya tswang Temana, le Biledade ya tswang Shua, le Sofara ya tswang Naama, e utlwela tsena tsohle tse bohloko tse mo hlahetseng, ya mo etela; motho ka mong a etswa hahabo. Banna bana ba ne ba dumellane hore ba tle mmoho, ho tla lla le yena, le ho mo tshedisa.
Jwale bana babo kaofela, le dikgaitsedi tsa hae kaofela, le bohle ba neng ba tsebana le yena pele ho mona ba tla ho yena. Ba fihla ba eja dijo le yena, ba le ka tlung ya hae, ba mo tshedisa malebana le bobe bohle boo Morena a ileng a mo tlisetsa bona. Motho ka mong wa bona a mo nea tjhelete ya kesita, le reng ya kgauta.
Ke ntho efe eo nka o pakelang ka yona? Ke ntho efe eo nka o tshwantshang le yona? Ka o tshwantsha le yona, wena Jerusalema? Nka o lekanya le eng, ke tle ke o tshedise? Ke tshedise wena, Moradi wa Sione, Moradi wa Sione wa morwetsana? Botebo ba leqeba la hao bo ka ba lewatle! Ke mang ya ka tsebang ho o phekola?