Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 11:11 - BIBELE

11 A bolela ditaba tsena, mme kamorao ho moo a re ho bona: “Lasaro, motswalle wa rona, o robetse, empa ke a ya, hore ke tle ke mo tsose.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Eitse hobane a bolele tseo, a re ho bona: Lasaro, motswalle wa rona, o robetse; empa ke ya mo tsosa borokong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

11 A bua taba tseo, mme kamora moo a re ho bona: Lasaro, motswalle wa rona, o robetse; empa ke ya, ke tle ke mo tsose borokong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 A bua taba tseo, mme kamora moo a re ho bona: Lasaro, motswalle wa rona, o robetse; empa ke ya, ke tle ke mo tsose borokong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 11:11
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Gehasi a ba etella pele, mme ha a fihla a bea molamu hodima sefahleho sa ngwana, empa ngwana a se ke a bua, kapa a hlasimoloha. Ka baka leo, Gehasi a kgutla ho ya kgahlanyetsa Elisha, mme a mmolella, a re: “Ngwana ha a ya tsoha.”


Na hase wena Modimo wa rona, ya ileng a leleka baahi ba naha ee kapele ho setjhaba sa hao sa Iseraele, wa ba wa e nea ditloholo tsa Aborahama, motswalle wa hao, kamehla yohle?


Morena o ne a ye a bue le Moshe, difahleho di tadimane, jwalokaha motho a bua le motswalle wa hae. Moshe o ne a ye a kgutlele diahelong, empa lehlahana la hae Joshua, mora wa Nune, wa mohlankana, yena o ne a sa ke be a tswe ka Tenteng.


“Empa wena Iseraele, o leng mohlanka wa ka, wena Jakobo, eo ke mo kgethileng, wena tloholo sa Aborahama, motswalle wa ka,


Ba bangata ba seng ba shwele ba tla boela ba tsoha: Ba bang ba tsohele bophelo ba kamehla yohle, ba bang ba tsohele hore ba hlajwe ke dihlong, ba nyedisehe kamehla yohle.


mabitla a buleha, ditopo tsa bahalaledi ba bangata ba ithobaletseng tsa tsoha;


a re: “Suthang! Ngwanana ha a a shwa, o mpa a robetse.” Ba mo ja ditsheho.


Ha a kena a re ho bona: “Keng ha le tlatsa lerata, le lla? Ngwana ha a ya shwa, o mpa a robetse!”


empa ha motho a tsamaya bosiu o a kgoptjwa, kahobane o hloka lesedi.”


Yaba barutuwa ba re ho yena: “Morena, ha a robetse, o tla fola.”


Jesu o ne a bua ka ho shwa ha Lasaro, empa bona ba hopola hore o bua ka boroko ba mehla.


Jwale bo-kgaitsedie ba romela ho Jesu, ba re: “Morena, tseba, eo o mo ratang o a kula.”


Ya nang le monyaduwa ke monyadi, empa motswalle wa monyadi, ya emeng pela hae, mme a mo utlwa, o ye a thabe haholo ka baka la lentswe la monyadi. Ha ho le jwalo, thabo ena ya ka e phethahetse.


Yaba o a kgumama, o howa ka lentswe le phahameng, o re: “Morena, o se ke wa ba balla sebe sena.” Hoba a rialo, a ithoballa.


Le ba shwetseng ho Kreste e tla ba ba timetse.


Hlaphohelwang, mme le se ke la nna la etsa sebe. Ba bang ha ba tsebe Modimo; ke rialo hore le hlajwe ke dihlong.


Mamelang, ke le bolelle sephiri: Ha re na ho shwa kaofela, empa kaofela re tla fetoha,


Tsohle tse bonahatswang ke lesedi di fetoha lesedi. Ke ka baka leo ho thweng: “Tsoha, wena morabadi, tsoha bafung, mme Kreste o tla o bonesetsa.”


Yaba Morena o re ho Moshe: “Bona, o se o tla ithoballa le bo-ntatao, empa setjhaba sena se tla hloka botshepehi ho nna, se kgelohe, se latele medimo e meng ya baditjhaba ba naha, seo se yang ho phela hara bona. Se tla mphuralla, se kwenehele selekane sa ka, seo ke se entseng le sona.


ya re shwetseng, e le hore, leha re fadimehile kapa re robetse, re tle re phele mmoho le yena.


mme ho ile ha phethahala Mangolo a reng: “Aborahama o ile a dumela ho Modimo, mme hoo a ho ballwa e le ho loka,” a ba a bitswa motswalle wa Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ