Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 10:6 - BIBELE

6 Jesu o ile a ba bolella papiso ena, empa bona ha ba a ka ba utlwisisa hore na tseo a di buang ho bona ke dife.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Jesu a ba bolella papiso eo, empa bona ha ba ka ba utlwisisa tseo a ba bolellang tsona hore na ke dife.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

6 Jesu a bua le bona ka setshwantsho seo, empa bona ha ba ka ba utlwisisa seo a ba bolellang sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Jesu a bua le bona ka setshwantsho seo, empa bona ha ba ka ba utlwisisa seo a ba bolellang sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 10:6
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bo-ntata rona, ha ba sa le Egepeta, ha ba a ka ba utlwisisa dimakatso tsa hao; ba ile ba lebala mohau wa hao o moholo, ba mpa ba fetohela Ya Hodimodimo ha ba le Lewatleng la Sufe.


Ha ba na tsebo kapa kutlwisiso, ba itsamaela lefifing, ba sisinya metheo ya toka.


Batho ba kgopo ha ba na kutlwisiso ya toka, ba kgumamelang Morena ba na le kutlwisiso ya tsohle.


Ke ntja tsa menyollo, ha di ke be di kgore, ke badisana ba se nang kutlwisiso, motho ka mong o ikela ka tsela ya hae, motho ka mong o ipatlela mouno moo o ka bang teng.


Ba bangata ba tla hlwekiswa, ba ntlafatswe, ba lekwe. Ba kgopo bona ba tla nne ba etse bokgopo. Ha ho le ya mong wa ba kgopo ya tla utlwisisa, empa ba bohlale bona ba tla utlwisisa.


Tseo tsohle Jesu a di bolella matshwele ka ditshwantsho, mme o ne a sa a bolelle letho haese ka ditshwantsho;


Jesu a ba botsa, a re: “Na le utlwisisa tsee tsohle?” Ba re ho yena: “E.”


O ne a sa ke be a bue le bona haese ka setshwantsho, empa lekunutung o ne a hlalosetsa barutuwa ba hae tsohle.


“Ke buile ditaba tsena ho lona ka dipapiso; nako e a tla eo ka yona ke sa tlo hlola ke bua ho lona ka dipapiso, empa ke tla le tsebisa Ntate ka mokgwa o totobetseng.


Barutuwa ba hae ba re: “Bona, jwale o bua ka mokgwa o totobetseng, e seng ka papiso.


Bajuda ba qabana, ba re: “Eo a ka re nea nama ya hae jwang, ra e ja?”


Yare ha ba bangata ba barutuwa ba hae ba utlwa, ba re: “Polelo ena e thata; ke mang ya ka e mamellang?”


Ke polelo nngwe eo a e boletseng, ha a re: ‘Le tla mpatla, mme ha le na ho mphumana; le moo ke leng teng, le ke ke la tla.’ ”


Ha ba a ka ba utlwisisa hore o bua le bona ka Ntate.


Ke hobaneng ha le sa utlwisise puo ya ka? Ke kahobane le ke ke la utlwa lentswe la ka.


Motho ya buswang ke botho ha a amohele tsa Moya wa Modimo, hobane ho yena tseo ke bothoto. Le ho di tseba a ke ke a di tseba, hobane di hlalohanngwa ka Moya o Halalelang feela.


Se ba hlahetseng se bontsha hore maele ana ke a nnete, a reng: “Ntja e boetse e kgutletse mahlatseng a yona,” le a reng: “Kolobe e qetang ho itlhatswa e boetse ya ipitika seretseng.”


Hape re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe Modimo wa nnete. Re phela ka ho Modimo wa nnete, ka ho Mora wa hae, Jesu Kreste. Yena ke Modimo wa nnete, ke bophelo bo sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ