Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 10:3 - BIBELE

3 Molebedi wa monyako o a mmulela, mme dinku di utlwa lentswe la modisa, o di thobisa ka mabitso, ho ya kantle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Molebedi wa monyako o ye a mmulele, mme dinku di utlwe lentswe la hae, mme a bitse dinku tsa hae ka mabitso a tsona, a di ise kantle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

3 Molebedi wa monyako o a mmulela; mme dinku di utlwa lentswe la hae, mme o bitsa dinku tsa hae ka mabitso, a di ise kantle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Molebedi wa monyako o a mmulela; mme dinku di utlwa lentswe la hae, mme o bitsa dinku tsa hae ka mabitso, a di ise kantle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 10:3
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Pesalema ya Asafo, ya bopaki. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mehaladitwe”.


Morena a re ho Moshe: “Ntho ena eo o e buileng, le yona ke tla e etsa, hobane ke o hauhetse, mme ke tseba lebitso la hao.”


Eba mafolofolo ho lekola kgutshwane tsa hao, o hlahlobe mehlape ya hao hantle;


Wena ya phelang ka dirapeng, metswalle e mametse ho utlwa o bua; ako bue, le nna ke utlwe ntswe la hao.


O katla mohlape wa hae jwaloka modisa, dikonyana o di sika ka matsoho a hae, a di sikele sefubeng sa hae, ditswetse tsona a di kganne hantle.


Ke tla tsamaisa difofu ka tsela eo di sa e tsebeng, ke di tataise tseleng eo di sa e tlwaelang; lefifi ke tla le fetola lesedi kapele ho tsona, ke batalatse baka tse makukuno. Tsena ke ntho tseo ke tla di etsa, mme ha nka ke ka tlohela ho di etsa.


“Ke nna modisa ya molemo, mme ke tseba dinku tsa ka, le dinku tsa ka di a ntseba;


Ke sa na le dinku tse ding, tseo e seng tsa lesaka lena. Le tsona eka kgona ke di tlise; di tla utlwa lentswe la ka, mme mohlape o tla ba mong, le modisa a be mong.


Ha a ntshitse tsa hae kaofela, o di etella pele, mme dinku di a mo latela, kahobane di tseba lentswe la hae.


Ke nna monyako; ha motho a kena ka nna o tla pholoswa, mme o tla kena, a tswe, a fumane lekgulo.


Bohle bao Ntate a nneang bona ba tla tla ho nna, mme ya tlang ho nna ha nka ke ka mo lahlela kantle,


Ho ngotswe ho Baporofeta, ho thwe: ‘Bohle ba tla rutwa ke Modimo.’ E mong le e mong ya utlwileng le ho ithuta ho Ntate o tla ho nna.


Bao a ba kgethileng e sa le pele, o bile o ba bitsitse; bao a ba bitsitseng, o bile o ba lokafaditse; bao a ba lokafaditseng, o bile o ba tlotlisitse.


hobane teng ke buletswe monyetla o moholo, o atlehang, empa ho bile ho na le ba bangata ba nkganyetsang.


Le wena molekane wa ka mosebetsing, wena ya tshepahalang, ke a o kopa hore o ba thuse, hobane ba ile ba lwanela molaetsa o molemo hammoho le nna, le Tlelemente le balekane ba bang ba ka, bao mabitso a bona a ngotsweng bukeng ya bophelo.


Le rona le re rapelle, hore Modimo a tle a re fumantshe monyetla wa ho phatlalatsa lentswe la hae, re bolele sephiri sa Kreste, seo ke leng ditlamong ka baka la sona.


Leha ho le jwalo, motheo o tiileng, oo Modimo a o entseng, o ntse o tsitsitse, o ngotswe mantswe ana: “Morena o tseba bao e leng ba hae,” le ana: “Bohle ba rapelang Morena ba hlobohe bokgopo.”


Ba ile ba senolelwa hore ba ne ba sa itshebeletse, empa ba ne ba sebeletsa lona ka molaetsa oo le o tsebiswang jwale ke ba le bolellang wona, ka Moya o Halalelang, o romilweng o etswa lehodimong. Ke molaetsa oo le mangeloi a lakatsang ho o utlwisisa.


Rona re ba Modimo. Ya tsebang Modimo o a re mamela, empa eo e seng wa Modimo ha a re mamele. Ke ka sena re tsebang moya wa nnete le moya wa bokgelohi.


feela ke tshepa ho o bona haufinyane, mme ke tla bua le wena re shebane.


Mang le mang eo lebitso la hae le sa fumanwang bukeng ya bophelo, a akgelwa letsheng la mollo.


Bona, ke eme monyako, mme ke a kokota. Haeba motho a ka utlwa lentswe la ka, mme a mpulela, ke tla kena ha hae, ke je le yena, le yena a je le nna.


hobane Konyana e bohareng ba terone e tla ba disa, e ba ise didibeng tsa metsi a bophelo. Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ