Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 1:9 - BIBELE

9 Lesedi la nnete le bonesetsang motho e mong le e mong, le ne le etla lefatsheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 E ne e le lona lesedi la nnete, le bonesetsang motho e mong le e mong ya hlahang lefatsheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

9 Lesedi la nnete e ne e le lona, le bonesetsang motho e mong le e mong ya tlang lefatsheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Lesedi la nnete e ne e le lona, le bonesetsang motho e mong le e mong ya tlang lefatsheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 1:9
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Morena o re: “Ke nthwana e fokolang hore o be mohlanka wa ka, o kgutlise merabe ya Jakobo, o kgutlise bana ba Iseraele bao ke ba babaletseng. Ke tla o etsa lesedi ho baditjhaba, o tlo fihlise ho pholosa ha ka pheletsong tsa lefatshe.”


Hlahlobang molao le bopaki ba ka! Haeba ba sa bue ho ya ka dipolelo tsena, ke hobane ha ho na lesedi le ba tjhabelang.


empa haeba leihlo la hao le sa loka, mmele wohle wa hao o tla aparelwa ke lefifi. Ha ho le jwalo, ha lesedi le ka ho wena le fetoha lefifi, lefifi e tla ba le lekaakang!”


hobane ha mmele wa hao wohle o ena le lesedi, o se na karolo le e nngwe e aparetsweng ke lefifi, o tla be o ena le lesedi ka botlalo, jwalokaha lebone le o bonesetsa ka lesedi la lona.”


Bophelo bo ne bo le ka ho lona, mme bophelo e ne e le lesedi la batho;


Monna enwa a tlela ho paka tsa lesedi, e le hore bohle ba dumele ka yena.


Nna ke tlile lefatsheng ke le lesedi, hore mang le mang ya dumelang ho nna a se ke a ba lefifing.


Jesu a re ho yena: “Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho ya ka tlang ho Ntate haese ka nna.


“Ke nna sefate sa nnete sa morara, mme Ntate ke molemi.


Jesu a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella, hase Moshe ya le neileng bohobe bo tswang lehodimong, empa ke Ntate ya le neang bohobe ba nnete bo tswang lehodimong,


Ho ne ho ena le ho dumaduma ho hongata ka yena letshweleng; ba bang ba ne ba re: “O lokile.” Ba bang ba re: “Tjhe, o kgelosa letshwele.”


Haeba re re ha re na sebe, re a ithetsa, mme nnete ha e yo ho rona.


Leha ho le jwalo, ke taelo e ntjha eo ke le ngollang yona; hoo ke nnete ka ho yena le ka ho lona, kaha lefifi le se le ntse le feta, mme lesedi la nnete le se le kganya.


Hape re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe Modimo wa nnete. Re phela ka ho Modimo wa nnete, ka ho Mora wa hae, Jesu Kreste. Yena ke Modimo wa nnete, ke bophelo bo sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ