Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 1:19 - BIBELE

19 Bopaki ba Johanne ke bona, mohla Bajuda ba romileng baprista le Balevi ho yena ba etswa Jerusalema, hore ba mmotse: “O mang?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ke bona bopaki ba Johanne, mohla Bajuda ba romileng baprista le Balevi, ba etswa Jerusalema, ho ya mmotsa, ho re: Wena o mang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 Bona ke bopaki ba Johanne, mohla Bajuda ba romileng baprista le Balevi ba tswang Jerusalema ho mmotsa, ba re: O mang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Bona ke bopaki ba Johanne, mohla Bajuda ba romileng baprista le Balevi ba tswang Jerusalema ho mmotsa, ba re: O mang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 1:19
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Monna enwa a tlela ho paka tsa lesedi, e le hore bohle ba dumele ka yena.


Bajuda ba mo teela hare, mme ba re ho yena: “O tla re dikadikisa ho fihlela neneng? Ha o le Kreste, re bolelle phatlalatsa.”


Bajuda ba boela ba thonaka majwe ho mo tlepetsa.


Bajuda ba bangata ba ne ba tlile ho Maretha le Maria, ho ba tshedisa ka kgaitsedi ya bona.


Jwale Bajuda ba re ho yena: “O re bontsha mohlolo ofe, ha e le moo o etsa tsee?”


Yaba Bajuda ba re: “Tempele ena e ile ya hahuwa ka dilemo tse mashome a mane a metso e tsheletseng, empa wena o re o tla e tsosa ka matsatsi a mararo?”


Ka hona Bajuda ba re ho ya fodisitsweng: “Ke Sabatha, mme ha ho dumellehe hore o nke diphate tsa hao.”


Monna eo a tloha, mme a bolella Bajuda hore ke Jesu ya mo fodisitseng.


Ka baka leo, Bajuda ba hlorisa Jesu kahobane a entse tsena ka Sabatha.


Ka baka lena, Bajuda ba eketsa ho batla ho mmolaya, e seng feela hobane a tlola molao wa Sabatha, empa a bile a itse, Modimo ke Ntatae ka sebele, a iketsa ya lekanang le Modimo.


Jwale Bajuda ba dumaduma ka yena, kahobane a itse: “Ke nna bohobe bo theohileng lehodimong,”


Bajuda ba qabana, ba re: “Eo a ka re nea nama ya hae jwang, ra e ja?”


Kamorao ho tsena Jesu a tsamaya Galelea; o ne a sa rate ho tsamaya Judea, hobane Bajuda ba ne ba batla ho mmolaya.


Jwale Bajuda ba mmatla moketeng, ba re: “O kae?”


Bajuda ba makala, ba re: “O tseba tsa thuto jwang, a sa ithuta?”


Bajuda ba re: “Na ke hobane o tla ipolaya, ha a re: ‘Moo ke yang teng, le ke ke la tla?’ ”


Bajuda ba mo araba, ba re: “Na ha re nepe ha re re, o Mosamaria, mme o na le modemona?”


Bajuda ba re ho yena: “Jwale re a tseba hore o na le modemona. Aborahama o shwele, le baporofeta ba shwele, empa o re: ‘Ha motho a boloka lentswe la ka, ha a ka ke a shwa le ka mohla.’


Bajuda ba re ho yena: “Ha o eso be le dilemo tse mashome a mahlano, na o bone Aborahama na?”


Ha Johanne a qetile tsa thomo ya hae, a re: ‘Le lekanya hore nna ke mang? Ha ke Yena, empa bonang, kamora ka ho tla eo ke sa tshwanelang ho lokolla meqathatso maotong a hae.’


Yaba Paulosi o re: “Johanne o ile a kolobetsa ka kolobetsa ya pako, a ntse a bolella batho hore ba dumele ho ya tlang kamorao ho yena, e leng ho Jesu.”


“Elang lefu la lepera hloko; le hlokomele ho etsa tsohle ho ya kamoo baprista, e leng Balevi, ba tla le ruta kateng. Ho ya kamoo ke ba laetseng kateng, le hlokomele ho etsa jwalo.


Molaetsa oo le ileng la o utlwa ho Mora wa hae, oo re le bolellang wona, ke ona: Modimo ke lesedi, mme ho yena lefifi ha le yo ho hang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ