30 Leha eba nka itlhatswa ka lehlwa, ka sesepa matsoho a ka ka a hatlela,
30 Leha nka itlhatswa metsing a lehlwa, kapa ka hlapa matsoho metsing a melora,
Haeba mehato ya ka e kgelohile tseleng, eba pelo ya ka e hohetswe ke mahlo a ka, eba manothoko a nkgomaretse matsohong;
O re ho yena: ‘Molemo ke ofe oo ke tla o bona? ke tla boellwa keng ka ho se etse sebe?’
wena o tla nkakgela ka tebetebeng, aparo tsa ka le tsona di be di nnyonye!
Ke hlapa matsoho ho bontsha hore ha ke na molato, ke potapota aletare ya hao Morena,
Fedisa sebe sa ka, ke tle ke hlweke; o ntlhatswe, ke tle ke be mosweu, ke be mosweu ho feta lehlwa.
Ya patang dibe tsa hae a ke ke a ba le katleho; ya ipolelang tsona, a di bakela, o tla fumana mohau.
Leha o ka ba itlhatswa ka sota, wa itlhatswa ka sesepa se le sengata, ke tla nne ke bone letheba la molato wa hao,” ho rialo Morena Modimo.
Hlatswa bokgopo pelong ya hao, o bo hlatswe, o pholohe Jerusalema; pelo ya hao e tla kwetla mehopolo, e kwetle mehopolo e kgopo ho fihlela neng?
Ka ho se tsebe kamoo Modimo a lokafatsang batho kateng, mme ka ho batla ho thea ho loka hoo e leng ha bona, ha ba a ka ba ikokobetsa tlasa ho loka ho tswang ho Modimo,
Haeba re re ha re na sebe, re a ithetsa, mme nnete ha e yo ho rona.