Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 9:28 - BIBELE

28 Tlokotsi tsa ka tsohle ke a di tshaba, ke a tseba o ke ke wa re ha ke molato.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 eba ke tshoswa ke mahloko a ka kaofela, ke ntse ke tseba hoba o ke ke wa mpea ya se nang molato.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 9:28
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ke etsa sebe o ntadima ka le ntjhotjho, o ke ke wa ntokolla molatong wa ka.


Empa jwale mehato ya ka o a e bala, sebe sa ka ha o kgaotse ho se natsa;


“Leha nka bua, bohloko ba ka ha bo kokobele; leha ke kgutsitse, bona ha bo ntlohele.


Tsena ha ke di hopola ke a nyaroha, mmele wa ka wohle o a thothomela.


Seo ke se tshabang se nkwetse hodimo, seo ke se tshohileng jwale se mphihletse.


empa jwale Modimo o mpea dibato, o ntadima ke le sera sa hae.


Ke hobaneng ha o sa tshwarele tshito ya ka, wa tlosa bokgopo ba ka ba fela? Haufinyane ke tla robala lebitleng; o tla mpatla, empa ke tla ba siyo.”


“Ruri ke a tseba, ho fela ho le jwalo; motho a ka loka jwang mahlong a Modimo?


Mmele wa ka o thothomela ke ho o tshaba, mme ke tshohile dikahlolo tsa hao.


Morena, ha o tshwaya diphoso, o tshwaya phoso tsa rona, ke mang, Morena, ya ka phelang?


“O se ke wa tlaela ka lebitso la Morena Modimo wa hao, hobane Morena a ke ke a tlohela ho otla ya tlaelang ka lebitso la hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ