28 “Jwale dumelang, le ntadime sefahlamahlo: Taba di mahlong, shano la ka le tla itshupa.
28 Jwale, le mpeng le ntadime, mme mahlo a lona a tla bona ha ke le leshano.
O re batho ba kgutsiswe ke ho berabera ha hao? Ere o soma, o se kgalemelwe ke motho?
Lona le baqapi ba mashano a se na ditswako, kaofela ha lona le bo-ngakana-kea-hetla.
“Haeba ho se jwalo, nka shanofatswa ke mang? Ke mang ya ka reng polelo tsa ka ke tsa bosawana?”
molomo wa ka o ke ke be wa bua bokgopo, leme la ka le ke ke be la bolela bohata.
Mantswe a ka ke a pelo e se nang mano, molomo wa ka o bua nnete eo ke e tsebang.
Polelo tsa ka hase tsa bosawana; ya buang le wena ke monna wa mohlalefi.