Ba tlisetse batupi ka ho panya ha ntshi, seboko se utlwahale malapeng a bona, hoba ba ntjheketse lemena ke tle ke wele ka ho lona, ba tjhehetse maoto a ka leraba, ba le patile.
Empa le yona Tebese e ile ya haptjwa, tjhaba sa yona sa iswa bothopuweng. Mateanong a diterata tsohle, bana ba yona ba pshatlakanngwa; mahosana a yona a laolwa ka lotho, yaba bahlomphehi ba yona ba a tlangwa, ba tlangwa ka mahlaahlela.
“Ke tla fihla hara lona ke le ahlole. Ha ke na ho qeaqea ho qosa dinohe, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang basebetsi moputso wa bona, le ba hatellang bahlolohadi le dikgutsana, le ba hlokelang baditjhaba toka, le bohle ba sa ntlhompheng,” ho rialo Morena wa mabotho.
Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke bona: Ho tjhakela dikgutsana le bahlolohadi matshwenyehong a bona, le ho ipoloka re sa silafatswe ke tsa lefatshe.
Ka baka la meharo ya bona ba tla le hanyapetsa ka dipolelo tseo ba iqapetseng tsona. E se e le kgale moahlodi wa bona a ba emetse, mme motimetsi wa bona ha a kgalehe.