Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 6:26 - BIBELE

26 Ebe le rerile ho nyatsa polelo tsa ka, le re tsa ya tsherehaneng di ya le moya feela?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Na a ke dipolelo tsa ka tseo le ratang ho di kgalemela na? Na ditaba tsa ya tsherehaneng, na ke moya feela o yang le tsona na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 6:26
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Bophelo bona ba ka bo ntenne, kahoo ke tla boledisa tsa ka dipelaelo, ke bue moya wa ka o tubehile.


“Na mohlalefi a ka bebera manenekwane, a pipitlelwa ke moya wa ho phorohla?


Na o sa tla kgaotsa ho shwahla mafeela? Sesosa sa nganga ya hao ke sefe?


Empa Jobo a re ho yena: “O bua jwaloka mosadi ya sethoto! Na re ka amohela tse molemo feela tse tswang ho Modimo, yaba ha re amohele tse bohloko?” Ho tsena tsohle, Jobo ha a a ka a etsa sebe ka seo a se buileng.


“O mang wena, o fifatsang merero ya ka ka ho pepeta, empa o se na tsebo?


Ke se nkile ka bua, nke ke ka hlola ke araba; ke ile ka bua habedi, nke ke ka bua ho feta moo.”


“Na kahlolo ya ka o tla fela o e hanyetse, ebe o mpea molato, hore o itokafatse?


O ila botsa, wa re: ‘Ya sitisang merero ya ka a se na tsebo, ke mang?’ Ke kahoo ke reng: ‘Ke buile ka tseo ke sa di utlwisiseng, tse makatsang haholo hoo ke sa di tsebeng.’


Yare hoba Morena a qete ho bua mantswe ana ho Jobo, a re ho Elefase ya tswang Temana: “Wena le metswalle ya hao e mmedi ke le halefetse haholo. Ha le a ka la bua ka nna ka mokgwa o tshwanelang, jwalokaha Jobo, mohlanka wa ka, yena a ile a bua.


Mantswe a nnete a matla hakaakang! Polelo tsa lona ekaba di supa eng?


Metsu ya Ya Matla wohle e ntlhabile, mahloko a yona a tjhatjhametsa le moya wa ka, matshabeho a Modimo a nteetse theko!


Modimo a kgahlwa ke ho mphetshela, a nkisa letsoho, a ntimetsa.


“O tla bua ntho tsee ho fihlela neng? Polelo tsa hao di ka moya wa sefefo!


Efraime yena o itshepetse lelea, o kalakatisa moya wa botjhabela, letsatsi ka leng le mo ekeletsa leshano, letsatsi ka leng le mo ekeletsa tshenyeho. Ba etsa selekane le naha ya Asiria, ole e romelwe naheng ya Egepeta.


hobane o tla bewa ya lokileng ka dipolelo tsa hao, kapa o tla ahlolwa ka dipolelo tsa hao.”


Ka hona ha re sa tla hlola re eba masea a tsokoletswang kwana le kwana, a fefolwang ke moya ofe le ofe wa dithuto tsa batho ba mano, ba kgelosang ka maqiti a bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ